Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 16:25 - BIBELE

25 Mang le mang ya ratang ho baballa bophelo ba hae bo tla mo senyehela, empa mang le mang ya senyehelwang ke bophelo ba hae ka baka la ka o tla bo rua.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Hobane e mong le e mong ya ratang ho boloka bophelo ba hae, o tla timellwa ke jona; empa e mong le e mong ya timellwang ke bophelo ba hae ka baka la ka, o tla bo fumana.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

25 Hobane e mong le e mong ya ratang ho pholosa bophelo ba hae, o tla timellwa ke bona;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

25 Hobane e mong le e mong ya ratang ho pholosa bophelo ba hae, o tla timellwa ke bona;

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 16:25
10 Referencias Cruzadas  

Haeba ka nako ena o ka kgutsa tu! ho namolelwa ha Bajuda le ho pholoswa ha bona, ho tla hlaha sebakeng se seng, empa haele wena le lelapa la ntatao le tla timetswa. Ke mang ya ka tsebang haeba o beilwe ditulong tseo, o beelwa nako e kang ee?”


“Tsamaya, o yo phutha Bajuda bohle ba teng mona Shushane. Ka matsatsi a mararo, bosiu le motsheare, le itime dijo ka baka la ka, le se ke la ba la ja letho, kapa la nwa letho. Le rona le makgabunyane a ka re tla itima dijo ka mokgwa o jwalo. Jwale ke hona ke tla ya ho kgosi, le hoja e tla be e se ka molao. Haeba ke eshwa, ke tla shwa.”


nako ya ho batla le nako ya ho tela, nako ya ho boloka le nako ya ho lahla;


Ya qenehelang bophelo ba hae bo tla mo senyehela, athe ya senyehelwang ke bophelo ka baka la ka o tla bo fumana.”


Ebe motho a ka boellwa ke eng haeba a ka rua lefatshe lohle, empa a senyehelwa ke bophelo ba hae? Kapa motho a ka rekanya bophelo ba hae ka eng?


Mang le mang ya ratang ho pholosa bophelo ba hae, bo tla mo lahlehela, empa mang le mang ya lahlehelwang ke bophelo ba hae ka baka la ka, le ka baka la molaetsa o molemo, o tla bo pholosa.


Mang le mang ya lekang ho ipolokela bophelo ba hae bo tla mo senyehela, empa eo bo mo senyehelang o tla bo pholosa.


Ya ratang bophelo ba hae, bo tla mo lahlehela, mme ya hloyang bophelo ba hae lefatsheng lena, o tla bo bolokela bophelo bo sa feleng.


Bona ba mo hlotse ka madi a Konyana, le ka lentswe leo ba le pakileng, mme ba ba ba eshwa ba sa qenehele bophelo ba bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos