Tsena ke dipolelo tsa Jeremia, mora wa Hilekiya, e mong wa baprista ba motse wa Anatote, o naheng ya Benjamine:
Mattheu 16:14 - BIBELE Ba re: “Ba bang ba re: ‘Ke Johanne Mokolobetsi,’ ba bang ba re: ‘Ke Elia,’ mme ba bang ba re: ‘Ke Jeremia kapa e mong wa baporofeta.’ ” Sesotho 1909/1961 (SO) Ba re: Ba bang ba re, o Johanne Mokolobetsi; ba bang ba re, o Elia; ba bang ba re, o Jeremia, kapa e mong wa baporofeta. Baasraak Sotho NT Ba re: “Ba bang ba re o Johanne Mokolobetsi; ba bang ba re, ke Jeremia, kapa e mong wa baporofeta. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ba re: “Ba bang ba re o Johanne Mokolobetsi; ba bang ba re, ke Jeremia, kapa e mong wa baporofeta. |
Tsena ke dipolelo tsa Jeremia, mora wa Hilekiya, e mong wa baprista ba motse wa Anatote, o naheng ya Benjamine:
“Bonang, ke tla le romela moporofeta Elia, letsatsi la Morena le leholo, le tshabehang, le eso fihle.
A re ho basebeletsi ba hae: “Motho eo ke Johanne Mokolobetsi; o tsohile bafung; ka baka leo, matla a hlollang a sebetsa ka ho yena.”
Barutuwa ba mmotsa, ba re: “Ke hobaneng Ditsebi tsa Molao di reng eka kgona Elia a tle pele?”
Ba bang ba ne ba re ke Elia; ba bang bona ba re ke moporofeta ya jwaloka e mong wa baporofeta.
Ba mo araba, ba re: “Johanne Mokolobetsi; ba bang ba re Elia, empa ba bang ba re e mong wa baporofeta.”
ba bang ba re, ho hlahile Elia, ba bang ba re, ho tsohile moporofeta e mong wa ba boholoholo.
Ba mmotsa, ba re: “Ha ho le jwalo o mang? Na o Elia?” A re: “Ha ke yena.” “Na o Moporofeta?” A araba, a re: “Tjhe.”
Ho ne ho ena le ho dumaduma ho hongata ka yena letshweleng; ba bang ba ne ba re: “O lokile.” Ba bang ba re: “Tjhe, o kgelosa letshwele.”
Ba re hape ho sefofu: “Wena o reng ka yena, ha e le moo a o tutubolotse mahlo?” Sa re: “Ke moporofeta.”