Josefa a bona bana bao babo, mme a ba tseba, empa a itimeletsa bona, a ba kgarumela hampe, a re: “Le tswa kae?” Ba re: “Re tswa naheng ya Kanana, re tlilo sela.”
Mattheu 15:23 - BIBELE Empa Jesu a se ke a mo araba. Barutuwa ba hae ba tla, ba mo kopa, ba re: “Mo leleke! Bona kamoo a howang a re setse morao kateng!” Sesotho 1909/1961 (SO) Empa Jesu a se ke a mo araba letho. Barutuwa ba hae ba atamela, ba mo rapela, ba re: Mo kgutlise, hobane o howa a ntse a re latela. Baasraak Sotho NT Empa a se ke a mo araba letho. Barutuwa ba hae ba tla, ba mo rapela, ba re: Mo leleke; hobane o lla ka mora rona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa a se ke a mo araba letho. Barutuwa ba hae ba tla, ba mo rapela, ba re: Mo leleke; hobane o lla ka mora rona. |
Josefa a bona bana bao babo, mme a ba tseba, empa a itimeletsa bona, a ba kgarumela hampe, a re: “Le tswa kae?” Ba re: “Re tswa naheng ya Kanana, re tlilo sela.”
Pesalema ya Davida. Ke ipiletsa ho wena Morena; Lefika la ka, ntshekehele tsebe, esere ha o sa mmamele, ka ba jwaloka ba theohelang, ba theohelang lebitleng.
Ha ho phirima, barutuwa ba hae ba tla ho yena, ba re: “Mona ke nahathothe, mme nako e se e ile; lokolla batho bana, ba tle ba yo ithekela dijo metseng.”
Yaba mosadi wa Mokanana, ya tswang teng, o tla a howa, a re: “Morena, Mora Davida, nkutlwele bohloko! Moradi wa ka o tshwenngwa hampe ke modemona.”
Jesu a araba, a re: “Ha ho moo ke romilweng, haese dinkung tsa ntlo ya Iseraele tse lahlehileng.”
Le hopole leeto lohle leo Morena Modimo wa lona, a le tsamaisitseng lona lehwatateng ka dilemo tsena tse mashome a mane. O ile a le kokobetsa, a le leka, hore a bone se ka dipelong tsa lona, hore na le tla boloka melao ya hae kapa tjhe.