Mattheu 15:22 - BIBELE Yaba mosadi wa Mokanana, ya tswang teng, o tla a howa, a re: “Morena, Mora Davida, nkutlwele bohloko! Moradi wa ka o tshwenngwa hampe ke modemona.” Sesotho 1909/1961 (SO) Teng ha hlaha mosadi wa Mokanana, ya tswang mathokong ao, a howa, a re: Nkutlwele bohloko, Morena, mora Davida! Moradi wa ka o tshwenngwa hampe ke motemona. Baasraak Sotho NT Jwale, ha hlaha mosadi wa Mokanana, a etswa dibakeng tseo, a howeletsa ho yena, a re: Morena, Mora wa Davida, nkutlwele bohloko! morali oa ka o tšoenngoa hampe ke modemona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jwale, ha hlaha mosadi wa Mokanana, a etswa dibakeng tseo, a howeletsa ho yena, a re: Morena, Mora wa Davida, nkutlwele bohloko! morali oa ka o tšoenngoa hampe ke modemona. |
hore kgosi e tle e tjhatjhehele botle, e tjhatjhehele botle ba hao haholo. Kahobane ke yona monga hao, o itihe maotong a yona.
e seng ho ditjhaba tse ngata tse buang dipuo disele, tse thata, tseo o ke keng wa di utlwisisa. Ruri hoja ke ile ka o roma ho tsona di ka be di ile tsa o mamela.
Empa Jesu a se ke a mo araba. Barutuwa ba hae ba tla, ba mo kopa, ba re: “Mo leleke! Bona kamoo a howang a re setse morao kateng!”
a re: “Morena, hauhela mora wa ka, hobane o shwa sethwathwa, o utlwa bohloko ka ho fetisisa, mme o atisa ho wela mollong le metsing.
Setumo sa hae sa utlwahala Siria yohle, mme ha tliswa ho yena bohle ba jewang ke mafu a mefutafuta, ba imetsweng ke mahloko, ba nang le bademona, ba shwang sethwathwa, le diritsa, mme a ba fodisa.
Ha Jesu a fetela pele, difofu tse pedi tsa mo latela, di ntse di howa, di re: “Mora Davida, re hauhele!”
“Empa molekgetho a ema hojana, a tshaba le ho tadima lehodimong, a itshwabela, a re: ‘Modimo, ako nkgauhele, nna moetsadibe.’
ba tlileng ho mo mamela le ho fodiswa malwetseng a bona. Le ba neng ba tshwenngwa ke meya e ditshila ba ne ba fodiswa.