Molomong wa hae ho tswa ditlhapa, le mashano le bomenemene, lelemeng la hae ho maname bolotsana, ho maname le bona bokgopo.
Mattheu 15:11 - BIBELE Se kenang ka molomo ha se silafatse motho, empa se tswang ka molomo ke sona se mo silafatsang.” Sesotho 1909/1961 (SO) Se kenang ka hanong hase sona se silafatsang motho, empa se tswang hanong ke sona se silafatsang motho. Baasraak Sotho NT Se kenang ka hanong hase sona se silafatsang motho; empa se tswang molomong ke sona se silafatsang motho. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Se kenang ka hanong hase sona se silafatsang motho; empa se tswang molomong ke sona se silafatsang motho. |
Molomong wa hae ho tswa ditlhapa, le mashano le bomenemene, lelemeng la hae ho maname bolotsana, ho maname le bona bokgopo.
O omantse mang, wa mo ja tlepane? Ke mang eo o ntseng o mo kgaruma? Ke mang eo o mo tlodisang mahlo hodimo? Ke Ya Halalelang wa Iseraele!
Yaba barutuwa ba tla ho yena, ba re: “Na o a tseba hore Bafarisi ba kgopisitswe ke seo o ileng wa se bua?”
Ha ho letho le kenang ka ho motho, le etswa kantle ho yena, le ka mo silafatsang, empa tse tswang ka ho yena ke tsona tse mo silafatsang.
Ke le wa Morena Jesu, ke a tseba, mme ke kgodisehile hore ha ho ntho e ilehang ka boyona, empa ho ya reng ntho e a ileha, ke ho yena feela e ilehang.
Mmuso wa Modimo hase taba ya dijo le dino, empa ke taba ya ho loka, ya ho ba le kgotso, le ya ho thabiswa ke Moya o Halalelang.
O se ke wa senya mosebetsi wa Modimo ka taba ya dijo. Ke nnete, tsohle di hlwekile, empa di mpe ho motho ya di jelang ho kgelosa.
Ba tla thibela batho ho nyalana, ba re ho ilwe dijo tse itseng, athe Modimo o di etseditse hore di jewe ka teboho ke ba dumelang, ba tsebang nnete ka ho tlala.
Ho ba hlwekileng tsohle di hlwekile, empa ho ba silafetseng le ho ba sa dumeleng ha ho letho le hlwekileng, hobane dikelello tsa bona le matswalo a bona a silefetse.
Se kgelosweng ke dithuto disele, tsa mefutafuta. Ke ntho e ntle ha pelo ya motho e matlafatswa ka mohau wa Modimo, e seng ka melao e amanang le dijo, e se nang molemo ho ba e latelang.
Dipuo tsa bona ke tsa boikgohomoso, tsa mafeela; ka ditakatso tse kgopo tsa nama, ba tshwasa ba sa tswa phonyoha ho ba phelang bokgelohing.