Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tite 1:15 - BIBELE

15 Ho ba hlwekileng tsohle di hlwekile, empa ho ba silafetseng le ho ba sa dumeleng ha ho letho le hlwekileng, hobane dikelello tsa bona le matswalo a bona a silefetse.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Efela ntho tsohle di hlwekile ho ba hlwekileng; empa ha ho ntho e hlwekileng ho ba ditshila le ho ba sa dumelang; ba silafetse dipelo le matswalo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

15 Ho ba hlwekileng ntho tsohle di hlwekile; empa le dikelello tsa bona le matswalo a bona di silafetse.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Ho ba hlwekileng ntho tsohle di hlwekile; empa le dikelello tsa bona le matswalo a bona di silafetse.

Ver Capítulo Copiar




Tite 1:15
21 Referencias Cruzadas  

Fahleho se hwapileng le pelo e ikgohomosang, e leng lebone la ba kgopo, ke sebe!


Moloko o teng o ithetsang ka ho re o hlwekile, empa o sa hlwekiswa ditshila tsa wona.


Yaba Hagai o re: “Haeba motho ya silafaditsweng ke ho ama setopo a ka thetsa e nngwe ya dintho tseo tse boletsweng, na di ka silafala?” Baprista ba mo araba, ba re: “E, di tla silafala.”


Empa tse tswang ka molomo di tswa pelong, mme ke tsona tse silafatsang motho;


Lentswe la bua le yena kgetlo la bobedi, la re: “Tseo Modimo a di hlwekisitseng, wena o se ke wa re di a ileha.”


Ke le wa Morena Jesu, ke a tseba, mme ke kgodisehile hore ha ho ntho e ilehang ka boyona, empa ho ya reng ntho e a ileha, ke ho yena feela e ilehang.


O se ke wa senya mosebetsi wa Modimo ka taba ya dijo. Ke nnete, tsohle di hlwekile, empa di mpe ho motho ya di jelang ho kgelosa.


Empa ya belaelang ha a eja, o ahlotswe, hobane ha a je ho ya ka tumelo ya hae. Tsohle tseo motho a di etsang ntle ho tumelo e jwalo, ke sebe.


Le re: “Tsohle di dumeletswe,” empa hase ho re tsohle di na le molemo. E, tsohle di dumeletswe, empa hase ho re tsohle di na le thuso.


Le ka ja dijo dife le dife tse rekiswang tlung ya dijo, ka matswalo a kgutsitseng, le sa botse letho,


Ka baka leo, ebang le a ja, kapa le a nwa, kapa le etsa eng kapa eng, tsohle le di etsetse ho tlotlisa Modimo.


Empa hase bohle ba nang le tsebo ena. Ba bang, ka baka la ho tlwaela medimo ya bohata, le kajeno-ya-bokajeno ba ntse ba eja tse hlabetsweng medimo ena, ka ho dumela hore ke dijo tsa mahlabelo. Ka ho tshaba ha matswalo a bona, ba ikutlwa ba silafetse;


diqabang tse sa feleng tsa batho ba senyehileng dikelello, ba hlokang nnete, ba lekanyang hore borapedi ke mokgwa wa ho ithuisa.


Kahoo a re atameleng ka dipelo tse tshepahalang, le ka tumelo e tletseng, re hlwekisitswe dipelo ho kgutsisa matswalo a rona, re hlatswitswe mmele ka metsi a hlwekileng.


Hlokomelang hore ho se be ya furallang mohau wa Modimo, esere ha mela sebabane se seng se ferekanyang, mme sa silafatsa ba bangata.


na madi a Kreste ya inyehetseng ho Modimo ka moya wa hae o sa feleng, a se na sekodi, ekaba wona a hlwekisa hakaakang dipelo tsa rona mesebetsing e isang timelong, e le hore re tle re sebeletse Modimo ya phelang?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos