Mattheu 15:1 - BIBELE Yaba Bafarisi ba bang le Ditsebi tse ding tsa Molao ba tla ho Jesu ba etswa Jerusalema, ba re: Sesotho 1909/1961 (SO) Jwale, bangodi le bafarisi ba tla ho Jesu, ba etswa Jerusalema, ba re ho yena: Baasraak Sotho NT Jwale, bangodi le Bafarisi ba tla ho Jesu ba etswa Jerusalema, ba re: Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jwale, bangodi le Bafarisi ba tla ho Jesu ba etswa Jerusalema, ba re: |
Ke a le bolella, ha ho loka ha lona ho sa fete ha Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, ha le ka ke la kena Mmusong wa mahodimo.”
Ditsebi tsa Molao tse neng di etswa Jerusalema, tsa re: “O na le Beele-Sebule, mme o leleka bademona ka matla a morena wa bademona!”
Ka le leng la matsatsi ao, ha Jesu a ntse a ruta, Bafarisi le baruti ba Molao ba tswang motseng o mong le o mong wa Galelea, Judea le Jerusalema, ba ne ba dutse moo. Matla a Morena a ho fodisa a ba teng ho yena.
Yaba Ditsebi tsa Molao le Bafarisi ba qala ho buisana, ba re: “Eo ke mang ya nyefolang? Ke mang ya ka tsebang ho tshwarela dibe, haese Modimo a nnotshi na?”
Bafarisi le Ditsebi tsa bona tsa Molao ba korotlela barutuwa ba Jesu, ba re: “Ke ka lebaka lang ha le eja, mme le enwa le balekgetho le baetsadibe na?”
Bopaki ba Johanne ke bona, mohla Bajuda ba romileng baprista le Balevi ho yena ba etswa Jerusalema, hore ba mmotse: “O mang?”
Ha hlaha leratahadi, mme ba bang ba Ditsebi tsa Molao, ba mokga wa Bafarisi, ba hanyetsa ka matla, ba re: “Ha re fumane bobe ba letho ho motho enwa; mohlomong moya kapa lengeloi le buile le yena.”
Ha a fihlile, Bajuda ba neng ba theoha Jerusalema ba mo teela hare, ba mo qosa ka diqoso tse ngata, tse boima, empa tseo ba neng ba sitwa ho di pakahatsa.