Kgosi ya re ho yena: “Oho, mofumahadi Esetere, o batla ho etsetswa eng? O lakatsang? Seo o se lakatsang o tla se newa, leha e ka ba halofo ya mmuso wa ka.”
Mattheu 14:7 - BIBELE ka baka leo, a mo tshepisa ka ho ikana hore o tla mo fa eng kapa eng eo a ka e kopang. Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba o mo hlapanyetsa ka kano, a re, o tla mo nea ntho eo a ka e qelang, leha e ka ba eng le eng. Baasraak Sotho NT Yaba o tshepisa ka kano hore o tla mo nea eng kapa eng eo a tla e kopa. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yaba o tshepisa ka kano hore o tla mo nea eng kapa eng eo a tla e kopa. |
Kgosi ya re ho yena: “Oho, mofumahadi Esetere, o batla ho etsetswa eng? O lakatsang? Seo o se lakatsang o tla se newa, leha e ka ba halofo ya mmuso wa ka.”
Ha ho ntse ho nowa veine, kgosi ya re ho Esetere: “Thapedi ya hao ke efe? E tla ananelwa. Kopo ya hao ke efe? E tla phethahatswa, leha e ka ba halofo ya mmuso wa ka.”
Ka tsatsi la bobedi la mokete wa veine, kgosi ya boela ya re ho Esetere: “Oho, mofumahadi Esetere, thapedi ya hao ke efe? E tla ananelwa. Kopo ya hao ke efe? E tla phethwa, esita leha eba ke halofo ya mmuso wa ka.”
Mohla mokete wa kgopotso ya tswalo ya Heroda, moradi wa Herodiase a etsa motjeko pontsheng ho bona, mme a kgahlisa Heroda;
Ka ho susumetswa ke mmae, morwetsana a re: “Mphe hona mona, ka mokeke, hlooho ya Johanne Mokolobetsi.”