Yona e re: “A nke ke phatlalatse taelo ya Morena. “O itse ho nna: ‘O mora wa ka; kajeno ke o tswetse.
Mattheu 14:33 - BIBELE Ba neng ba le ka sekepeng ba mo kgumamela, ba re: “Kannete o Mora wa Modimo!” Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba ba ka sekepaneng ba atamela, ba mo kgumamela, ba re: Efela o Mora Modimo ruri. Baasraak Sotho NT Yaba ba ka sekepeng ba tla, ba mo kgumamela, ba re: Kannete o Mora wa Modimo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yaba ba ka sekepeng ba tla, ba mo kgumamela, ba re: Kannete o Mora wa Modimo. |
Yona e re: “A nke ke phatlalatse taelo ya Morena. “O itse ho nna: ‘O mora wa ka; kajeno ke o tswetse.
Kgosi ya re: “Bonang! Ke bona banna ba bane ba tlamolotsweng, ba ntseng ba itsamaela hara mollo, empa ba sa tjhe. Sebopeho sa monna wa bone se tshwana le sa modimo!”
Yare a sa bua, leru le kganyang la ba kgurumetsa, lentswe la tswa lerung, la re: “Enwa ke Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlang; mo mameleng.”
Ha ba fihla ka tlung, ba bona ngwana le mmae Maria; ba itihela fatshe, mme ba kgumamela ngwana, ba nto bula matlole a bona, ba mo nyehella ka dimpho: kgauta, mokubetso, le mmira.
Empa Jesu a kgutsa. Moprista e Moholo a re ho yena: “Ke re o hlapanye ka Modimo ya phelang, o re bolelle hore na o Kreste, Mora Modimo.”
O tshepile Modimo, ha a ke a mo namolele jwale, haeba a mo rata; hobane o itse: ‘Nna ke Mora wa Modimo!’ ”
Yare ha molaodi wa ba lekgolo le ba lebetseng Jesu le yena ba bona tshisinyeho ya lefatshe le tse etsahalang, ba tshoha haholo, ba re: “Kannete enwa e ne e le Mora wa Modimo.”
Jesu a teana le bona, a re: “Dumelang!” Ba atamela, mme ba mo tshwara maoto, ba mo kgumamela.
Empa yena a kgutsa, a se ke a araba letho. Moprista e Moholo a mmotsa hape, a re: “Na o Kreste, Mora wa Ya Bokehang?”
Molaodi wa ba lekgolo ya emeng malebana le Jesu, ha a bona kamoo a neetseng moya kateng, a re: “Kannete motho enwa e ne e le Mora wa Modimo.”
Le bademona ba ne ba etswa ho ba bangata, ba ntse ba howa, ba re: “O Mora wa Modimo!” Empa a ba kgalemela, a se ke a ba dumella ho bua, kaha ba ne ba tseba hore ke Kreste.
Yare ha a bona Jesu, a itihela fatshe pela hae, a re ka lentswe le phahameng: “O nkene kang, Jesu Mora wa Modimo ya hodimodimo? Ke a o rapela, o se ke wa ntlhokofatsa!”
A re ho yena: “E, Morena; ke a dumela hore o Kreste, Mora wa Modimo, ya tlang lefatsheng.”
Jesu a bua tsena, mme a lelaletsa mahlo lehodimong, a re: “Ntate, nako e fihlile; tlotlisa Mora wa hao, hore Mora a tle a o tlotlise,
Bajuda ba mo araba, ba re: “Re na le molao, mme ho ya ka molao eka kgona a shwe, kahobane o ikentse Mora wa Modimo.”
Ha ba ntse ba tsamaya tseleng, ba fihla moo metsi a leng teng, mme lehaole la re: “Metsi ke ana! Nka thibelwa keng hore ke kolobetswe?”
athe ho ya ka Moya wa kgalalelo ho ile ha bolelwa, ka tsoho ya hae bafung, hore ke Mora ya matla wa Modimo, Jesu Kreste, Morena wa rona.