Di leseng di hole hammoho ho fihlela mohla kotulo, mme ka nako ya kotulo ke tla re ho bakotudi: Fotholang mofoka pele, le o tlame mangata, o tle o tjheswe, koro yona le e bokelle disiung tsa ka.’ ”
Mattheu 13:48 - BIBELE leo ereng ha le se le tletse, batshwasi ba le hulele lebopong, ba dule fatshe, ba hlwaele tse ntle ka dipitseng, tse mpe tsona ba di lahle. Sesotho 1909/1961 (SO) Ha le tletse, ba le hulela lebopong, ba ntoo dula, ba boloka tse ntle dipitseng tsa bona, ba lahla tse mpe. Baasraak Sotho NT Eitse ha le tletse, ba le hulela lebopong, mme ba dula, ba bokella tse ntle dipitseng, empa tse mpe ba di lahla. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eitse ha le tletse, ba le hulela lebopong, mme ba dula, ba bokella tse ntle dipitseng, empa tse mpe ba di lahla. |
Di leseng di hole hammoho ho fihlela mohla kotulo, mme ka nako ya kotulo ke tla re ho bakotudi: Fotholang mofoka pele, le o tlame mangata, o tle o tjheswe, koro yona le e bokelle disiung tsa ka.’ ”
“Hapehape, Mmuso wa mahodimo o tshwana le letlowa le akgetsweng lewatleng, le haharang ditlhapi tsa mefutafuta,
Ho tla ba jwalo bofelong ba mehla ya jwale; mangeloi a tla tla a kgethe ba kgopo ho ba lokileng,
Seoloso se letsohong la hae, mme o tla fiedisisa seotlo sa hae, a bokelle koro ya hae sesiung, mmoko wona a o tjhese mollong o sa timeng.”
Yare ha Jesu a sika le letsha la Galelea, a bona bara ba babedi ba motho, Simone ya bitswang Petrose le Andrease ngwanabo, ba ntse ba akgela letlowa letsheng, hobane e ne e le batshwasi ba ditlhapi.