Mattheu 13:36 - BIBELE Yaba Jesu o tloha hara matshwele, o kena ka tlung. Barutuwa ba hae ba tla ho yena, ba re: “Ako re qaqisetse setshwantsho sa mofoka o tshimong.” Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane Jesu a kgutlise bongata, a kena tlung, mme barutuwa ba hae ba tla ho yena, ba re: Re qaqisetse setshwantsho sa mofoka wa tshimo. Baasraak Sotho NT Yaba Jesu o kgutlisa bongata, a kena tlung, mme barutuwa ba hae ba tla ho yena, ba re: Re hlalosetse setshwantsho sa mofoka wa tshimo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yaba Jesu o kgutlisa bongata, a kena tlung, mme barutuwa ba hae ba tla ho yena, ba re: Re hlalosetse setshwantsho sa mofoka wa tshimo. |
A ba araba, a re: “Lona le neilwe ho tseba diphiri tsa Mmuso wa mahodimo, athe bona ha ba a ho newa.
Kapelepele Jesu a laela barutuwa ba hae ho kena ka sekepeng, ho mo etella pele ho ya mose wane, ha yena a ntse a qhala matshwele.
Yare ha a kena ka tlung, difofu tseo tsa tla ho yena, mme Jesu a re ho tsona: “Na le dumela hore nka etsa hoo?” Tsa mo araba, tsa re: “E, Morena!”
O ne a sa ke be a bue le bona haese ka setshwantsho, empa lekunutung o ne a hlalosetsa barutuwa ba hae tsohle.
Kapelepele Jesu a laela barutuwa ba hae ho kena ka sekepeng, ho mo etella pele ho ya mose Bethesaida, ha yena a ntse a qhala letshwele.
Yare ha a tloha hara letshwele, a kena ka tlung; barutuwa ba hae ba mmotsa tsa setshwantsho seo.