Mattheu 13:29 - BIBELE “A re: ‘Tjhe, esere ha le fothola mofoka la fotholella le koro. Sesotho 1909/1961 (SO) A re: Tjhe, mohlomong ha le ekga mofoka, le ka tshoha le fothola le yona koro. Baasraak Sotho NT Empa a re: Tjhe; esere mohlomong ha le bokella mofoka, la fothola le koro hammoho le wona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa a re: Tjhe; esere mohlomong ha le bokella mofoka, la fothola le koro hammoho le wona. |
“A re ho bona: ‘Hono ho entswe ke sera.’ “Basebeletsi ba re ho yena: ‘Jwale na o rata hore re yo o fothola?’
Di leseng di hole hammoho ho fihlela mohla kotulo, mme ka nako ya kotulo ke tla re ho bakotudi: Fotholang mofoka pele, le o tlame mangata, o tle o tjheswe, koro yona le e bokelle disiung tsa ka.’ ”