Medingwana ha e na tsebo, ha e na kutlwisiso, mahlo a yona a netilwe, ha e bone letho, kelello di kwalehile, ha e utlwisise letho.
Mattheu 13:13 - BIBELE Ke ka baka lena ke buang le bona ka ditshwantsho, hobane leha ba bona, ha ba bone, mme leha ba utlwa, ha ba utlwe, leha e le ho utlwisisa. Sesotho 1909/1961 (SO) Ke ka baka leo ke buang le bona ka ditshwantsho, kahobane leha ba bona, ha ba bone; leha ba utlwa, ha ba utlwe, mme ha ba utlwisise. Baasraak Sotho NT Ke ka baka leo ke buang le bona ka ditshwantsho, kahobane ba bona, ha ba bone; mme ho utlwa ha ba utlwe, leha e le ho utlwisisa. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ke ka baka leo ke buang le bona ka ditshwantsho, kahobane ba bona, ha ba bone; mme ho utlwa ha ba utlwe, leha e le ho utlwisisa. |
Medingwana ha e na tsebo, ha e na kutlwisiso, mahlo a yona a netilwe, ha e bone letho, kelello di kwalehile, ha e utlwisise letho.
Mamelang tsena, lona tjhaba se sethoto, lona tjhaba se se nang kutlwisiso, tjhaba se nang le mahlo empa se sa bone, tjhaba se nang le ditsebe empa se sa utlwe:
“Wena ngwana motho, o phela hara setjhaba sa bafetohedi, se nang le mahlo empa se sa bone, se nang le ditsebe empa se sa utlwe, hobane ke setjhaba sa bafetohedi.
Yaba ke re: “Oho, Morena Modimo! Ba ntse ba bua ka nna, ba re: ‘Na ha a ipolelle ditshwantsho feela?’ ”
“Empa lona le lehlohonolo kahobane mahlo a lona a a bona, le ditsebe tsa lona di a utlwa.
jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “Modimo o ba neile moya o se nang kutlwisiso, mahlo a sa boneng, le ditsebe tse sa utlweng, ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.”