Mohlang oo, setlohololo sa Jese se tla ema e le mokgele wa ditjhaba; ditjhaba tsohle di tla se batla, sebaka seo se tla phomola ho sona se tla tlotleha.
Mattheu 12:21 - BIBELE Ditjhaba di tla tshepa, di tshepe lebitso la hae.” Sesotho 1909/1961 (SO) Mme ditjhaba di tla tshepa lebitso la hae. Baasraak Sotho NT Mme baditjhaba ba tla tshepa lebitso la hae. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mme baditjhaba ba tla tshepa lebitso la hae. |
Mohlang oo, setlohololo sa Jese se tla ema e le mokgele wa ditjhaba; ditjhaba tsohle di tla se batla, sebaka seo se tla phomola ho sona se tla tlotleha.
Ha a ka ke a thekesela kapa a nyahama pelo, ho fihlela a tsitsisa toka lefatsheng. Dihlekehleke di tla itshepela molao, di itshepele molao wa hae.”
Yaba ho tliswa ho Jesu monna ya nang le modemona, e le sefofu se semumu. A mo fodisa, mme sefofu se semumu sa bua, sa bona.
Modimo o ratile ho ba tsebisa menono le tlotla ya sephiri seo hara baditjhaba. Sephiri ke sena: Kreste o ka ho lona, eo ka yena le nang le tshepo ya tlotla.