“O tla etsa mosebetsi wa hao ka matsatsi a tsheletseng, o phomole ka letsatsi la bosupa; e le hore pholo ya hao, le tonki ya hao, di tle di phomole; le mora wa lekgabunyane la hao, le mojaki ba ke ba re kgefu!
Mattheu 12:2 - BIBELE Yare ha Bafarisi ba bona hona ba re ho yena: “Bona, barutuwa ba hao ba etsa ho sa dumellwang ka Sabatha.” Sesotho 1909/1961 (SO) Bafarisi ha ba bona hoo, ba re ho yena: Bona, barutuwa ba hao ba etsa ho sa dumellweng ho etswa ka tsatsi la Sabatha. Baasraak Sotho NT Bafarisi, ha ba bona hoo, ba re ho yena: Bona, barutuwa ba hao ba etsa se sa dumellwang ho etswa ka tsatsi la Sabatha. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Bafarisi, ha ba bona hoo, ba re ho yena: Bona, barutuwa ba hao ba etsa se sa dumellwang ho etswa ka tsatsi la Sabatha. |
“O tla etsa mosebetsi wa hao ka matsatsi a tsheletseng, o phomole ka letsatsi la bosupa; e le hore pholo ya hao, le tonki ya hao, di tle di phomole; le mora wa lekgabunyane la hao, le mojaki ba ke ba re kgefu!
‘Le ka sebetsa ka matsatsi a tsheletseng, empa letsatsi la bosupa le tla halalela ho lona; ke Sabatha, letsatsi la phomolo ya Morena; mang kapa mang ya tla sebetsa ka letsatsi leo o tla bolawa.
“Haeba o sa nke maeto ka tsatsi la Sabatha, o sa phethe merero ya hao ka tsatsi la ka le halalelang; haeba o bitsa Sabatha letsatsi la thabo, o re ke la Morena le halalelang, le hlomphehang; haeba o le hlompha ka ho se etse mesebetsi ya hao, o sa phethe merero ya hao, o sa bue mafeela;
Ho ne ho le teng motho ya shweleng letsoho. Hore ba tle ba qose Jesu, Bafarisi ba mmotsa, ba re: “Na ho a dumelleha ho fodisa batho ka Sabatha?”
A re ho bona: “Na ha le a ka la bala seo Davida a neng a se etse, ha a ne a lapile mmoho le bao a neng a ena le bona;
Bafarisi ba re ho yena: “Bona, ke ka baka lang ha ba etsa se sa dumellwang ka letsatsi la Sabatha?”
Jesu a bua, a re ho Ditsebi tsa Molao le Bafarisi: “Na ho a dumellwa hore ho phekolwe ka Sabatha, kapa tjhe?”
Ba kgutla, ba lokisa dinoko tse monko o monate le setlolo, mme ba phomola ka Sabatha ho ya ka Molao.