Mattheu 12:12 - BIBELE Ha ho le jwalo, motho o feta nku hakaakang ka bohlokwa! Ka baka leo, ho a dumelleha ho etsa ho molemo ka Sabatha.” Sesotho 1909/1961 (SO) Athe motho o fetisa nku hakakang ka boholo! Ka baka leo, ho loketse ho etsa hantle ka Sabatha. Baasraak Sotho NT Ha ho le jwalo, motho o fetisa nku hakakang? Ka baka leo, ho dumeletswe ho etsa hantle ka matsatsi a Sabatha. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ha ho le jwalo, motho o fetisa nku hakakang? Ka baka leo, ho dumeletswe ho etsa hantle ka matsatsi a Sabatha. |
Tadimang dinonyana tse fofang: ha di jale, ha di kotule, ha di bokellele disiung, empa Ntata lona ya mahodimong o a di fepa; ana lona ha le di fete hole ka bohlokwa na?
Yaba o re ho bona: “Na ho a dumelleha ho etsa botle kapa bobe ka Sabatha, ho pholosa motho kapa ho mmolaya?” Empa ba kgutsa.
Lemohang makgwaba: Ha a jale, ha a kotule, ha a na ntlo ya polokelo, leha e le sesiu, empa Modimo o a a fepa. Lona le feta dinonyana hakaakang!
Eitse ha Jesu a ile dijong tlung ya e mong wa batsamaisi ba Bafarisi ka Sabatha, ba mo disa.
Yaba Jesu o re ho bona: “Ke a le botsa hore na ho a dumellwa ho etsa hantle kapa ho etsa hampe, ho pholosa bophelo kapa ho bo timetsa ka Sabatha?”