Mattheu 11:30 - BIBELE Joko ya ka e bonolo, mme thoto ya ka e bobebe.” Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane joko ya ka e tjhatsi, le phahlo ya ka ha e na boima. Baasraak Sotho NT Hobane joko ea ka e bobebe, mojaro oa ka o bobebe. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane joko ea ka e bobebe, mojaro oa ka o bobebe. |
Wena motho, o boleletswe se molemo; ebe Morena o lebeletse eng ho wena? Ke ho etsa tse lokileng, le ho ba le lerato, le ho ikokobeletsa Modimo wa hao.
Ka nako eo, Jesu a feta hara masimo a koro e le ka Sabatha. Barutuwa ba hae ba ne ba lapile, mme ba qala ho kga matshohlo, ba a ja.
“Ditaba tsena ke di buile ho lona hore le tle le fumane kgotso ho nna. Le tla ba le matshwenyeho lefatsheng, empa kgothalang, nna ke hlotse lefatshe.”
Jwale ekaba le lekelang Modimo ka ho jarisa barutuwa joko eo rona le bo-ntata rona re sitilweng ho e jara?
Ho rerile Moya o Halalelang le rona hore re se ke ra le jarisa boima bo bong hape, haese tsena tse hlokahalang:
Matshwenyeho a rona a bobebe, ke a motsotswana, a re tlisetsa tlotla e kgolohadi, e sa feleng.
Kreste o re lokolotse, hore re fele re be le bolokolohi. Tiisetsang ke hona, mme le se ke la dumela ho boela le jariswa joko ya bokgoba.
Seo lerato la Modimo le leng sona ke hore re boloke ditaelo tsa hae. Ditaelo tsa hae ha di boima.