Mattheu 11:27 - BIBELE “Tsohle ke di neetswe ke Ntate, mme ha ho ya tsebang Mora haese Ntate, hape ha ho ya tsebang Ntate haese Mora, le eo Mora a ratang ho mo senolela yena. Sesotho 1909/1961 (SO) Ntho tsohle di beilwe ho nna ke Ntate; mme ha ho ya tsebang Mora, haese Ntate; hape, ha ho ya tsebang Ntate, haese Mora, le eo Mora a ratang ho mo kwahollela yena. Baasraak Sotho NT Tsohle ke di neilwe ke Ntate; mme ha ho ya tsebang Mora, haese Ntate; mme ha ho ya tsebang Ntate, haese Mora, le eo Mora a ratang ho mo senolela yena. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Tsohle ke di neilwe ke Ntate; mme ha ho ya tsebang Mora, haese Ntate; mme ha ho ya tsebang Ntate, haese Mora, le eo Mora a ratang ho mo senolela yena. |
“Ntate o nneile tsohle, mme ha ho ya tsebang hore na Mora ke mang, haese Ntate; le hore na Ntate ke mang, haese Mora, le eo Mora a ratang ho mo senolela yena.”
Ha ho ya kileng a bona Modimo le ka mohla; Mora ya tswetsweng a nnotshi, eo e leng Modimo, ya leng sefubeng sa Ntate, ke yena ya re tsebisitseng Modimo.
jwalokaha Ntate a ntseba, le nna ke tseba Ntate, mme ke tella dinku tsa ka bophelo ba ka.
Jesu, ka ho tseba hore Ntatae o mo neile tsohle matsohong, le hore o tswa ho Modimo, mme o ya ho Modimo,
“Bao o nneileng bona lefatsheng, ke ba rutile lebitso la hao. E ne e le ba hao, o nneile bona, mme ba bolokile lentswe la hao.
E seng hore motho o teng ya boneng Ntate, haese ya tswang ho Modimo; yena o bone Ntate.
ya nyolohetseng lehodimong, ya leng ka letsohong le letona la Modimo, mme ya busang mangeloi, le bookamedi bohle, le matla wohle.
Mang le mang ya latolang Mora, o latola le yena Ntate; ya pakang Mora, o paka le yena Ntate.
Mang le mang ya kgelohang, ya sa kgomareleng thutong ya Kreste, Modimo ha a yo ka ho yena, empa ya kgomarelang thutong ya Kreste, ke yena eo Ntate le Mora ba leng ka ho yena.