Yare ha ba fihla Seotlong sa Meutlwa, kamose ho Jorodane, ba lla sello sa mmokotsane, mme Josefa a qeta matsatsi a supileng a llela ntatae.
Mattheu 11:17 - BIBELE ba re: “ ‘Re le letseditse diletsa, empa ha le a ka la etsa motjeko! Re le binetse kodi-ya-malla, empa ha le a ka la lla!’ Sesotho 1909/1961 (SO) ba re: Re le teetse phala, mme ha le a ka la etsa tjhao; re le binetse mahlomola, mme ha le a ka la lla. Baasraak Sotho NT Ba re: Re le leletse phala, mme ha le a ka la tjeka; re le llele, mme ha le a ka la lla. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ba re: Re le leletse phala, mme ha le a ka la tjeka; re le llele, mme ha le a ka la lla. |
Yare ha ba fihla Seotlong sa Meutlwa, kamose ho Jorodane, ba lla sello sa mmokotsane, mme Josefa a qeta matsatsi a supileng a llela ntatae.
Setjhaba sohle sa nyoloha se mo setse morao, se ntse se letsa makodilo, se thabile haholo hoo ditlatse tsa sona di bileng tsa sisinya lefatshe.
Empa lona le tla bina difela, jwaloka mohla bosiu ba mokete o halalelang, pelo tsa lona di nyakalle sa ba letsang makodilo, ba a letsa ba eya thabeng ya Morena, ba eya ho Lefika la Iseraele.
Ke tla boela ke tsosa dithako tsa hao, mme o tla tsoha wena morwetsana, Jerusalema. O tla boela o kgaba ka meropa ya hao, o kene motjekong wa ba tjekang ba thabile.
“Jwale moloko oo ke tla o tshwantsha le eng? O tshwana le bana ba dutseng mabaleng a metse, ba howeletsana,
Jesu a ba araba, a re: “Na baetsana ba ye ba hlomohe ka nako eo monyadi a ntseng a ena le bona? Ho tla tla matsatsi ao ka wona monyadi a tla tloswa ho bona, e be hona ba itimang dijo.
Ha Jesu a fihla tlung ya mookamedi, mme a bona diletsi tsa makodilo le letshwele le tlatsang lerata,
“Mora wa hae e moholo o ne a le naheng. Ha a kgutla, mme a se a atametse ntlo, a utlwa diletsa le motjeko.
Jesu a latelwa ke letshwelehadi la batho, le basadi ba neng ba mo hlomohetse, ba mo llela.
Ba tshwana le bana ba dutseng lebaleng la motse, ba howeletsanang, ba re: “ ‘Re le letseditse diletsa, empa ha le a ka la etsa motjeko; re le binetse kodi-ya-malla, empa ha le a ka la lla.’
Bohle ba ne ba lla, ba hlomohetse mofu. Jesu a re: “Se lleng, hobane ha a ya shwa, o mpa a robetse.”