“Ruri ke a le bolella, hara ba tswetsweng ke basadi ha ho eso hlahe ya fetang Johanne Mokolobetsi ka boholo, empa e monyenyane Mmusong wa mahodimo o mo feta ka boholo.
Mattheu 11:12 - BIBELE Ho tloha mehleng ya Johanne Mokolobetsi ho fihlela jwale, Mmuso wa mahodimo o nnile wa futuhelwa ka matla, mme ba dikgoka ba a o hapa. Sesotho 1909/1961 (SO) Ho tloha mehleng ya Johanne Mokolobetsi, ho fihlela jwale, mmuso wa mahodimo o kenwa ka matla, mme ba bohale ba o hapa. Baasraak Sotho NT Ho tloha mehleng ya Johanne Mokolobetsi, ho fihlela jwale, mmuso wa mahodimo o ntse o futuha, mme bahale ba o hapa. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ho tloha mehleng ya Johanne Mokolobetsi, ho fihlela jwale, mmuso wa mahodimo o ntse o futuha, mme bahale ba o hapa. |
“Ruri ke a le bolella, hara ba tswetsweng ke basadi ha ho eso hlahe ya fetang Johanne Mokolobetsi ka boholo, empa e monyenyane Mmusong wa mahodimo o mo feta ka boholo.
Jesu a mo araba, a re: “Lesa, jwale, hobane ka tsela ena re lokela ho phethahatsa hohle ho lokileng.” Johanne a dumela.
“Etsang ka matla ho kena ka monyako o patisaneng, hobane ke a le bolella hore ba bangata ba tla lakatsa ho kena, empa ba tla sitwa.
“Ho bile le Molao le Baporofeta ho fihlela ho Johanne; ho tloha mohlang oo molaetsa o molemo wa Mmuso wa Modimo o a bolelwa, mme e mong le e mong o o kena ka dikgoka.
hobane ka nako tse ding lengeloi la Morena le ne le ye le theohele letshaneng, le fuduhe metsi, mme ya kenang pele kamora ho fuduhuwa ha metsi, o ne a fodiswa bohlokong bofe le bofe boo a ka bang le bona.
Le se ke la sebeletsa dijo tse senyehang, empa le sebeletse dijo tse hlolang ho isa bophelong bo sa feleng, tseo Mora Motho a tla le nea tsona, hobane Modimo Ntate o mo neile matla.”
Ka baka leo, baratuwa, le lona le mamele jwaloka kamehla. Etsang jwalo, e seng feela ha ke le teng, empa haholoholo kajeno ha ke le siyo. Sebeletsang pholoho ya lona ka tshabo le ka thothomelo,