La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 10:25 - BIBELE

Ho lekane ho morutuwa hore a be jwaloka moruti wa hae, le lekgoba jwaloka monga lona. Ha monga ntlo a bitswa Beele-Sebule, ba ntlo ya hae bona ba tla bitsollwa hampe hakaakang!”

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Ho a lekana ha morutuwa a etswa jwaloka moruti wa hae, le mohlanka jwaloka morena wa hae. Ha ba bitsitse mong a ntlo Beelsebule, ba ntlo ya hae ba tla bitswa jwalo ho fetisa hakakang!

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Ho lekane hore morutuwa a be jwaloka moruti wa hae, le mohlanka jwaloka morena wa hae. Haeba ba bitsitse monga ntlo Beelsebule, na ba tla bitsa ba ntlo ea hae hakaakang!

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Ho lekane hore morutuwa a be jwaloka moruti wa hae, le mohlanka jwaloka morena wa hae. Haeba ba bitsitse monga ntlo Beelsebule, na ba tla bitsa ba ntlo ea hae hakaakang!

Ver Capítulo



Mattheu 10:25
13 Referencias Cruzadas  

Kgosi Akasiya a wela a le lethuleng la fesetere ya kamore ya hae e kahodimo, Samaria, a tswa kotsi e tshabehang. A roma maqosa, a re ho wona: “Tsamayang, le yo botsa Baale-Sebube, modimo wa Ekerone, hore na ke tla fola.”


Empa Bafarisi, ha ba utlwa hona, ba re: “Enwa ha a leleke bademona, haese ka Beele-Sebule, morena wa bademona.”


Haeba nna ke leleka bademona ka Beele-Sebule, bara ba lona ba ba leleka ka mang? Ka baka leo, e tla ba bona baahlodi ba lona.


Empa Bafarisi ba ne ba re: “O leleka bademona ka morena wa bademona.”


Ba re ho yena: “Re ka etsa.” Jesu a re ho bona: “Senwelo seo ke se nwang le tla se nwa, mme kolobetso eo ke tla kolobetswa ka yona, le tla kolobetswa ka yona.


Ditsebi tsa Molao tse neng di etswa Jerusalema, tsa re: “O na le Beele-Sebule, mme o leleka bademona ka matla a morena wa bademona!”


empa ba bang ho bona ba re: “O leleka bademona ka Beele-Sebule, morena wa bademona.”


Haeba le Satane a ne a arohane ho itwantsha, mmuso wa hae o ne o tla tiya jwang? Etswe le re, ke leleka bademona ka Beele-Sebule.


Haeba nna ke leleka bademona ka Beele-Sebule, bara ba lona, ba ba leleka ka mang? Ka baka leo, e tla ba bona baahlodi ba lona.


Ba bangata ba re: “O na le modemona, o a hlanya; keng ha le mo mamela?”


Letshwele la araba, la re: “O na le modemona; ke mang ya batlang ho o bolaya?”


Bajuda ba mo araba, ba re: “Na ha re nepe ha re re, o Mosamaria, mme o na le modemona?”


Bajuda ba re ho yena: “Jwale re a tseba hore o na le modemona. Aborahama o shwele, le baporofeta ba shwele, empa o re: ‘Ha motho a boloka lentswe la ka, ha a ka ke a shwa le ka mohla.’