Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 10:26 - BIBELE

26 “Ka baka leo, le se ke la ba tshaba, hobane ha ho letho le kwahetsweng le ke keng la kwahollwa, le le patilweng le ke keng la tsejwa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Le se ke la ba tshaba ke hona, hobane ha ho letho le kwahetsweng le sa tlo ka le kwahollwa; mme ha ho letho le sephiring le sa tlo ka le tsejwa.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

26 Ka baka leo, le se ke la ba tshaba; mme e patilweng, e ke keng ya tsejwa.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

26 Ka baka leo, le se ke la ba tshaba; mme e patilweng, e ke keng ya tsejwa.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 10:26
22 Referencias Cruzadas  

Motho wa nnete o tsamaya a sireletsehile, ya se nang nnete, yena o tla senolwa.


Ya kgopo o baleha a sa phaladiswe ke motho, ba lokileng bona ba sebete jwaloka tau.


Ho tshaba batho ke ho itjhehela leraba, empa ya tshepang Morena o tla bolokeha.


Diketso tsohle Modimo o tla di ahlola, esita le tsona tsohle tse entsweng bofihla, ebang di ntle kapa di mpe.


O se ke wa tshaba, hobane ke na le wena, o se tsielehe, hobane ke Modimo wa hao. Ke tla o matlafatsa, ke be ke o thuse, ke o tshehetse ka tsoho la ka le letona, ka tsoho le letona le etsang ho loka.


“O se ke wa tshaba, wena Jakobo, sebokonyana, wena Iseraele wa motwantwanyane; ke nna ya tla o thusa,” ho rialo Morena, Molopolli wa hao, Ya Halalelang wa Iseraele.


O se ke wa ba tshaba, hobane ke na le wena, mme ke tla o pholosa,” ha rialo Morena.


Ha e le wena ngwana motho, o se ke wa se tshaba, kapa wa tshoha dipolelo tsa sona. O se ke wa se tshaba leha o ka teelwa hare ke tshehlo le meutlwa, wa phela hara diphepheng. O se ke wa tshaba seo se se buang kapa sa o tshosa, le hoja e le setjhaba sa bafetohedi.


Le se ke la tshaba ba bolayang mmele, empa ba ke ke ba bolaya moya; le mpe le tshabe ya nang le matla a ho timetsa moya le mmele diheleng.


Ha ho letho le patilweng le ke keng la hlahela, kapa le sephiri se ke keng sa pepeswa.


le hore ka lebitso la hae, ditjhaba tsohle di phatlalletswe pako le tshwarelo ya dibe, ho qala Jerusalema.


Ha ho letho le patilweng le ke keng la hlahela, kapa sephiri se ke keng sa tsejwa le ho pepeswa.


empa le tla amohela matla ha Moya o Halalelang o se o theohetse hodima lona. Le tla ba dipaki tsa ka Jerusalema, le Judea yohle, le Samaria, le ho ya fihla dipheletsong tsa lefatshe.”


Yare ha ba bona sebete sa Petrose le Johanne, ba lemoha le hore ha ba a ruteha, ke batho feela, ba makala. Ba ba ba tseba hore ke ba bileng le Jesu.


Empa Petrose le Johanne ba ba araba, ba re: “Ahlolang e le lona hore na ho nepahetse mahlong a Modimo ho mamela lona, ho ena le ho mamela Modimo.


Ka baka leo, le se ke la ahlola e eso be nako, Morena a eso kgutle, e leng yena ya tla senola tse lefifing, a pepese merero ya dipelo tsa batho. Ke moo e mong le e mong a tla fumana thoriso e mo lokelang ho Modimo.


Empa haeba batho ba le hlokofaletsa ho loka ha lona, le lehlohonolo. Le se ke la ba tshaba, mme le se ke la ferekana,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos