Ha o kgahlwe ke sehlabelo kapa nyehelo, o thibolotse tsebe tsa ka. Ha o batle setjheso kapa sehlabelo e leng tse etswang ka baka la dibe.
Mareka 1:2 - BIBELE Ho ngotswe bukeng ya moporofeta Esaya, ho thwe: “Ke romela leqosa la ka ke leo, le tla o etella pele, le o lokisetse tsela. Sesotho 1909/1961 (SO) Jwalokaha ho ngodilwe ke moporofeta Esaia, ho thwe: Bona, ke roma lenqosa la ka pela sefahleho sa hao, le tla o etella pele ho o lokisetsa tsela; Baasraak Sotho NT Jwalokaha ho ngodilwe bukeng ya baporofeta, ho thwe: Bona, ke roma lenqosa la ka pela sefahleho sa hao, le tla o lokisetsa tsela. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jwalokaha ho ngodilwe bukeng ya baporofeta, ho thwe: Bona, ke roma lenqosa la ka pela sefahleho sa hao, le tla o lokisetsa tsela. |
Ha o kgahlwe ke sehlabelo kapa nyehelo, o thibolotse tsebe tsa ka. Ha o batle setjheso kapa sehlabelo e leng tse etswang ka baka la dibe.
“Bona, ke tla romela leqosa la ka ho ntokisetsa tsela. Morena eo le mmatlang o tla kena ka Tempeleng ya hae a sa lebellwa. Moromuwa eo le mo lebeletseng o a tla, a phatlalatse selekane sa ka,” ho rialo Morena wa mabotho.
Ke eo ho ngotsweng ka yena, ha thwe: “ ‘Ke romela leqosa la ka ke leo, le tla o etella pele, le o lokisetse tsela.’
Ha e le Mora Motho, o ikela jwalokaha ho ngotswe ka yena, empa ho madimabe motho eo Mora Motho a tla ekwa ke yena. Ho ka be ho bile molemo ho yena hoja a se ke a tswalwa.”
Jwale Jesu a re ho bona: “Ka bosiu bona lona bohle le tla nkwenehela, hobane ho ngotswe, ho thwe: “ ‘Ke tla otla modisa, mme dinku tsa mohlape di tla qhalana.’
jwalokaha a ne a bolele ka molomo wa baporofeta ba hae ba halalelang, ho tloha kgalekgale.
Wena, ngwana o tla bitswa moporofeta wa Ya Hodimodimo, hobane o tla etella Morena pele ho lokisa ditsela tsa hae,
Hoba Jesu a nkele ba leshome le metso e mmedi kathoko, a re ho bona: “Bonang, re nyolohela Jerusalema, mme tsohle tse ngotsweng ke baporofeta ka Mora Motho, di tla phethahala,