Jesu a roma bao ba leshome le metso e mmedi, a ba laela, a re: “Le se ke la ya dinaheng tsa bahedene, leha e le ho kena metseng ya Basamaria;
Luka 9:2 - BIBELE a ba roma ho ya phatlalatsa Mmuso wa Modimo le ho fodisa ba kulang, Sesotho 1909/1961 (SO) A ba roma ho bolela mmuso wa Modimo, le ho fodisa ba kulang; Baasraak Sotho NT A ba roma ho bolela tsa mmuso wa Modimo, le ho fodisa ba kulang. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A ba roma ho bolela tsa mmuso wa Modimo, le ho fodisa ba kulang. |
Jesu a roma bao ba leshome le metso e mmedi, a ba laela, a re: “Le se ke la ya dinaheng tsa bahedene, leha e le ho kena metseng ya Basamaria;
Mang le mang ha a utlwa lentswe la Mmuso wa Modimo, mme a sa le utlwisise, E Mobe o ye a tle, a mo amohe se jetsweng pelong ya hae; enwa ke yona peo e jetsweng ka tseleng.
Molaetsa ona o molemo wa Mmuso o tla phatlalatswa lefatsheng lohle, e le bopaki ho ditjhaba tsohle, mme ebe jwale ho tla bofelo.”
A re ho bona: “Eyang lefatsheng lohle, le phatlalletse dibopuwa tsohle molaetsa o molemo.
Kamora tsena Morena a kgetha ba bang ba mashome a supileng a metso e mmedi, a ba roma ka bobedi ho mo etella pele motseng o mong le o mong le sebakeng se seng le se seng moo a neng a hopotse ho ya teng.
‘Le lerole la motse wa lona, le re kgomaretseng maotong, re le hlohlorela lona e le bopaki bo le qosang. Feela le tsebe hona, hore Mmuso wa Modimo o se o fihlile.’
“Ho bile le Molao le Baporofeta ho fihlela ho Johanne; ho tloha mohlang oo molaetsa o molemo wa Mmuso wa Modimo o a bolelwa, mme e mong le e mong o o kena ka dikgoka.
Yare ha matshwele a tseba, a mo latela. Hoba a a amohele, a bua le wona ka Mmuso wa Modimo, a fodisa ba hlokang ho fodiswa.