Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 10:1 - BIBELE

1 Kamora tsena Morena a kgetha ba bang ba mashome a supileng a metso e mmedi, a ba roma ka bobedi ho mo etella pele motseng o mong le o mong le sebakeng se seng le se seng moo a neng a hopotse ho ya teng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Kamora taba tseo, Morena a boela a bea ba bang ba mashome a supileng, mme a ba roma ka bobedi, hore ba mo etelle pele metseng yohle, le nqalong tsohle moo yena a neng a tla ya teng.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

1 Kamora tseo, Morena a bea ba bang ba mashome a supileng, mme a ba roma ka bobedi, hore ba mo etelle pele metseng yohle le nqalong tsohle moo yena a neng a tla ya teng.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Kamora tseo, Morena a bea ba bang ba mashome a supileng, mme a ba roma ka bobedi, hore ba mo etelle pele metseng yohle le nqalong tsohle moo yena a neng a tla ya teng.

Ver Capítulo Copiar




Luka 10:1
14 Referencias Cruzadas  

Kapele ho tsona ho ne ho eme baholo ba ntlo ya Iseraele ba mashome a supileng, mme Jaasaneya, mora wa Shafane, a eme hara bona, e mong le e mong wa bona a tshwere pitsana ya mokubetso, ho foqoha mosi wa mokubetso o entse leru.


Morena a re ho Moshe: “Ntlisetse banna ba mashome a supileng, bao e leng baholo ba setjhaba sa Iseraele, bao o tsebang hore ke baholo le baokamedi ba setjhaba sa Iseraele. O ba tlise ka Tenteng ya Morena, ba eme teng hammoho le wena.


O tla etella Morena pele ka moya le ka matla a kang a Elia, ho boelanya dipelo tsa bo-ntata le bana ba bona, le ba sa utlweng, maikutlong a ba lokileng, ho lokisetsa Morena setjhaba se mo lokelang.”


Wena, ngwana o tla bitswa moporofeta wa Ya Hodimodimo, hobane o tla etella Morena pele ho lokisa ditsela tsa hae,


Yare ha Morena a bona mma mofu, a mo utlwela bohloko, mme a re ho yena: “Se lle!”


a ba roma ho Morena, ho ya re: “Na ke wena ya tla tla, kapa re lebelle e mong?”


mme a roma baromuwa ho mo etella pele. Ba kena motseng o mong wa Basamaria ho mo lokisetsa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos