ka baka leo, ha ke a ka ka iphumana ke lokelwa ke ho tla ho wena; mpe o bue feela, mme mohlanka wa ka o tla fola.
Luka 7:8 - BIBELE Le nna, ke le motho ya laolwang ke ba bang, ke na le bahlabani tlasa ka, mme ha ke re ho enwa, ‘Eya,’ o a ya, le ho e mong ‘Tloo,’ o a tla, le ho mohlanka wa ka, ‘Etsa hona,’ o a etsa.” Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane le nna, ke leng motho ya laolwang ke ba bang, ke na le bahlabani ba katlase ho nna; ha ke re ho e mong: Eya, o a ye: Le ho e mong: Tloo, o a tle; le ho mohlanka wa ka: Etsa hoitseng, o a ho etse. Baasraak Sotho NT Hobane le nna ke motho ya buswang, ke na le bahlabani ba katlasa ka; le ho e mong, Tloo, o tle; le ho mohlanka wa ka, Etsa sena, mme o a se etsa. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane le nna ke motho ya buswang, ke na le bahlabani ba katlasa ka; le ho e mong, Tloo, o tle; le ho mohlanka wa ka, Etsa sena, mme o a se etsa. |
ka baka leo, ha ke a ka ka iphumana ke lokelwa ke ho tla ho wena; mpe o bue feela, mme mohlanka wa ka o tla fola.
Ha Jesu a utlwa tsena, a mo makalla, mme a retelehela ho letshwele le mo latetseng, a re: “Ke a le bolella, ha ke eso fumane tumelo e kaalo le Iseraeleng.”
Yaba Paulosi o bitsa e mong wa balaodi ba ba lekgolo, mme a re ho yena: “Isa mohlankana enwa ho molaodi wa ba sekete, hobane o na le seo a ratang ho mo tsebisa sona.”
Jwale molaodi wa sekete a bitsa balaodi ba babedi ba mabotho a ba lekgolo, a re: “Ka hora ya borobong, bosiu, le hlophe bahlabani ba makgolo a mabedi, le bapalami ba dipere ba mashome a supileng, le ba hlometseng ka marumo ba makgolo a mabedi, ba tsamaye ho ya fihla Sesaria.
Jwale bahlabani, kamoo ba laetsweng kateng, ba nka Paulosi le bosiu, ba mo isa Antipaterise.
A laela molaodi wa ba lekgolo hore a dise Paulosi, feela a be le bolokolohi bo itseng, mme a se thibele motho ofe kapa ofe wa ba habo ho mo thusa.
Ha ho letho le tiileng leo nka le ngollang kgosi ya ka. Ka baka leo, ke mo tlisitse kapele ho lona, haholoholo kapele ho wena, kgosi Ageripa, e le hore, ha ho se ho entswe hlahlobo ke tle ke be le seo nka se ngolang.
Lona makgoba, mamelang beng ba lona ba lefatshe dinthong tsohle. Hona le se ke la ho etsa feela ha ba le teng, jwaloka ba ratang ho kgahlisa batho, le mpe le ho etsa ka botshepehi, ka ho tshaba Morena.