La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Luka 7:6 - BIBELE

Jesu a ya le bona. Yare ha a se a se hole le ntlo, molaodi wa lebotho la ba lekgolo a roma metswalle, ya re ho yena: “Morena, o se ke wa ikgathatsa, hobane ha ke tshwanelwe ke hore o kene ka tlung ya ka;

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Yaba Jesu o ya le bona. Ha a se a le haufi le ntlo, molaodi wa lekgolo a roma metswalle ya hae ho yena, ho re ho yena: Morena, o se ke wa ikgathatsa; hobane ha ke a tshwanela hore o kene tlung ya ka.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Jwale Jesu a ya le bona. Eitse ha a se a le hole le ntlo, molaodi wa lekgolo a romela metswalle ho yena, ho re ho yena: Morena, o se ke wa itshwenya, hobane ha ke a tshwanela hore o kene ka tlasa marulelo a ka.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Jwale Jesu a ya le bona. Eitse ha a se a le hole le ntlo, molaodi wa lekgolo a romela metswalle ho yena, ho re ho yena: Morena, o se ke wa itshwenya, hobane ha ke a tshwanela hore o kene ka tlasa marulelo a ka.

Ver Capítulo



Luka 7:6
15 Referencias Cruzadas  

ha ke tshwanelwe ke mohau wohle le botshepehi bohle, e leng tseo o sebeleditseng mohlanka wa hao ka tsona. Ke ne ke tshele Jorodane ke nkile molamu wa ka feela, empa jwale ke na le dihlopha tse pedi.


Boikakaso ba motho bo a mo diha, empa boikokobetso bo mo tlisetsa hlompho.


Ka mokgwa o jwalo Mora Motho ha a ya tlela ho sebeletswa, empa ho tla sebeletsa le ho neelana ka bophelo ba hae hore e be topollo ya ba bangata.”


“Ha e le nna, ke le kolobeletsa pako ka metsi. Athe ya tlang kamorao ho nna o mpheta ka matla, hoo ke sa tshwaneleng ho mo rola meqathatso; yena o tla le kolobetsa ka Moya o Halalelang le ka mollo.


Yaba Jesu o ya le yena. A latelwa ke letshwelehadi, le neng le penyane ho yena.


Ha Simone Petrose a bona hoo, a itihela mangweleng a Jesu, a re: “Morena, tloha ho nna, hobane ke motho wa moetsadibe!”


Ba fihla ho Jesu ba mo rapela ka matla, ba re: “O lokelwa ke hore o mo etsetse jwalo,


hobane o rata setjhaba sa rona, o bile o re hahetse ntlo ya thapelo.”


ka baka leo, ha ke a ka ka iphumana ke lokelwa ke ho tla ho wena; mpe o bue feela, mme mohlanka wa ka o tla fola.


Yare a sa ntsane a bua, ha fihla motho ya tswang lapeng la mookamedi wa ntlo ya thapelo, a re: “Moradi wa hao o shwele; o se hlole o kgathatsa moruti!”


kamoo Modimo a neng a tlotse Jesu wa Nasaretha kateng, ka Moya o Halalelang le ka matla. Jesu a tsamaya hohle a ntse a etsa tse molemo, a fodisa ba neng ba hateletswe ke Diabolosi, hobane Modimo o ne a ena le yena.


Ikokobetseng pela Morena, mme o tla le phahamisa.


Empa Modimo o re neile mohau o moholo ka ho fetisa. Ke ka hona ho thweng: “Modimo o lwantsha ba ikgohomosang, athe baikokobetsi o a ba hauhela.”