La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Luka 4:16 - BIBELE

A ya Nasaretha, moo a holetseng teng, mme ho ya ka tlwaelo ya hae a kena ka tlung ya thapelo ka tsatsi la Sabatha, a ema, hore a tle a bale.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

A fihla Nasaretha, moo a neng a holetse teng. Ka letsatsi la Sabatha, a kena sinagogeng ka mokgwa wa hae; mme a ema hore a bale.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

A fihla Nasaretha, moo a holetseng teng, mme ka tlwaelo ya hae a kena sinagogeng ka tsatsi la Sabatha, a ema hore a bale.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

A fihla Nasaretha, moo a holetseng teng, mme ka tlwaelo ya hae a kena sinagogeng ka tsatsi la Sabatha, a ema hore a bale.

Ver Capítulo



Luka 4:16
14 Referencias Cruzadas  

a ya aha motseng o bitswang Nasaretha, e le hore ho tle ho phethahale ho boletsweng ke baporofeta hore o tla bitswa Monasaretha.


Ha ba se ba phethile tsohle ka ho ya ka Molao wa Morena, ba kgutlela Galelea, motseng wa habo bona, wa Nasaretha.


Ha a le dilemo tse leshome le metso e mmedi, ba nyolohela teng ho latela moetlo wa mokete.


A theoha le bona, a ya Nasaretha, mme a nna a ikokobetsa tlasa bona. Mmae a boloka ditaba tseo tsohle ka pelong ya hae.


A ruta matlung a bona a thapelo, a tlotliswa ke bohle.


A neelwa buka ya moporofeta Esaya, mme hoba a e phetle, a fumana moo ho ngotsweng, ho thwe:


A qala ka ho re ho bona: “Kajeno temana ena ya Mangolo e phethahetse moo le utlwang.”


A re ho bona: “Ka sebele le tla mpolella maele ana, le re: ‘Ngaka, iphekole!’ Tsohle tseo re di utlwileng hore di etsahetse Kaperenauma, di etse le mona motseng wa heno.”


Jesu a mo araba, a re: “Ke buile le lefatshe phatlalatsa; ke rutile ka matlung a thapelo le ka Tempeleng kamehla, moo Bajuda bohle ba phuthehelang teng, mme ha ke a ka ka bua letho lekunutung.


Ho ya ka tlwaelo ya hae, Paulosi a kena ho bona, mme ka Disabatha tse tharo a buisana le bona ka tsa Mangolo.