“ ‘Ke sefe sa difate tsa Edene se ka tshwantshwang le wena ka boholo le ka tlotla? Empa o tla theohela lebitleng le difate tsa Edene; o tla rapalla hara maqai le hara ba ileng ba bolawa ka sabole. “ ‘Enwa ke Faro le setjhaba sa hae sohle, ho rialo Morena Modimo.’ ”
La howeletsa, la re: “ ‘Remang sefate, makala a sona le a kgethule, mahlaku le a hlohlore, tholwana le di hasanye; batana di balehe moriting wa sona, nonyana di falle makaleng a sona.
Kgosi e ile ya bona leqosa le halalelang le theoha lehodimong, le re: ‘Remang sefate, le se fedise, empa le siye kutu le metso ya sona mobung, kutu eo le e tlamelle jwanng bo botalana ka mahlaahlela a tshepe le a lethose. Motho enwa a lalwe ke phoka ya lehodimo, a phele le dibatana tsa naha, ho fihlela ho feta dilemo tse supileng.’
Jwale a bolela setshwantsho sena: “Motho e mong o ne a ena le sefate sa feiye se lemilweng tshimong ya hae ya morara, yaba o ya batla ditholwana ho sona, mme a se ke a di fumana.
A re ho molemi wa morara: ‘Bona, e se e le dilemo tse tharo ke ntse ke etla ke batla ditholwana sefateng sena sa feiye, ke sa di fumane. Se reme! Se otisetsang mobu?’