“Ha e le nna, ke le kolobeletsa pako ka metsi. Athe ya tlang kamorao ho nna o mpheta ka matla, hoo ke sa tshwaneleng ho mo rola meqathatso; yena o tla le kolobetsa ka Moya o Halalelang le ka mollo.
Luka 3:3 - BIBELE A ya tikolohong yohle ya Jorodane a ntse a phatlalatsa tsa kolobetso ya pako e isang tshwarelong ya dibe, Sesotho 1909/1961 (SO) A ya le lefatshe lohle le mathoko a Jordane, a ntse a bolela kolobetso ya pako, ya ho tshwarelwa dibe; Baasraak Sotho NT A tla le lefatshe lohle le mabapa le Jordane, a ntse a bolela kolobetso ya pako ya tshwarelo ya dibe; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A tla le lefatshe lohle le mabapa le Jordane, a ntse a bolela kolobetso ya pako ya tshwarelo ya dibe; |
“Ha e le nna, ke le kolobeletsa pako ka metsi. Athe ya tlang kamorao ho nna o mpheta ka matla, hoo ke sa tshwaneleng ho mo rola meqathatso; yena o tla le kolobetsa ka Moya o Halalelang le ka mollo.
Jwale Jesu a kgutla nokeng ya Jorodane a tletse Moya o Halalelang, a tsamaiswa ke Moya feelleng,
Tsena di ile tsa etsahala Bethania, mose ho Jorodane, moo Johanne a neng a kolobeletsa teng.
Ba tla ho Johanne, ba re ho yena: “Rabbi, ya bileng le wena mose ho Jorodane, eo o mo pakileng, bona, o a kolobetsa, mme bohle ba ya ho yena.”
Jesu a eso tle, Johanne o ne a ile a ruta batho bohle ba Iseraele hore ba bake, ba kolobetswe.
Yaba Paulosi o re: “Johanne o ile a kolobetsa ka kolobetsa ya pako, a ntse a bolella batho hore ba dumele ho ya tlang kamorao ho yena, e leng ho Jesu.”
Jwale o diehelang? Ema, o kolobetswe, o hlatsuwe dibe tsa hao ka ho rapela lebitso la hae.’ ”