Lentswe la ya howang, le re: “Lokisang mmila wa Morena, le o lokise felleng, le otlollele Modimo wa rona mmila lehwatateng.
Luka 3:2 - BIBELE mehleng ya Baprista ba Baholo Hannase le Kaiafa, lentswe la Modimo la fihlela Johanne, mora Sakariya, a le lefeelleng. Sesotho 1909/1961 (SO) ha Anna le Kaiafa e le baprista ba baholo, lentswe la Modimo la tla ho Johanne, mora wa Sakaria, feelleng. Baasraak Sotho NT Anase le Kaiafa e le baprista ba baholo, lentswe la Modimo la tla ho Johanne, mora Sakaria feelleng. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Anase le Kaiafa e le baprista ba baholo, lentswe la Modimo la tla ho Johanne, mora Sakaria feelleng. |
Lentswe la ya howang, le re: “Lokisang mmila wa Morena, le o lokise felleng, le otlollele Modimo wa rona mmila lehwatateng.
Lentswe la Morena le ne le mo fihlele mehleng ya Josiya, mora wa Amona, kgosi ya Juda, ka selemo sa leshome le metso e meraro sa puso ya hae;
lentswe la Morena la fihla ho moprista Esekiele, mora wa Busi, a le pela noka ya Kebare, naheng ya Bakalatiya, yaba matla a tswang ho Morena a a mo tsukutla.
Mehleng ya puso ya Jotame, le Akase, le Hesekiya, dikgosi tsa Juda, lentswe la Morena la fihla ho Mmikiya wa Moreshete. Morena a mmontsha ka pono tse tla hlahela Samaria le Jerusalema.
Mehleng ya puso ya Josiya, mora wa Amona, kgosi ya Juda, lentswe la Morena la fihla ho Sofonea, mora wa Kushi, Kushi ya tswalwang ke Gedaleya, Gedaleya ya tswalwang ke Amariya, Amariya ya tswalwang ke Hesekiya.
Hoba baromuwa bao ba tsamaye, Jesu a qala ho bua le matshwele ka Johanne, a re: “Le ne le ilo bona eng feelleng? Lehlaka le tsukutlwang ke moya?
Jwale baprista ba baholo le setjhaba ba phuthehela ha Moprista e Moholo ya bitswang Kaiafa,
Ho ngotswe bukeng ya moporofeta Esaya, ho thwe: “Ke romela leqosa la ka ke leo, le tla o etella pele, le o lokisetse tsela.
Ngwana a hola, a matlafala moyeng, mme a hlola lefeelleng ho fihlela a hlahiswa ho Iseraele.
A re: “Nna ke lentswe la ya howang feelleng, le reng: ‘Otlollang mmila wa Morena!’ “jwalokaha moporofeta Esaya a ne a bolele.”
ba ena le Moprista e Moholo, Hannase, le Kaiafa, le Johanne, le Alekesandere, le bohle ba leloko la boprista bo boholo.