La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Luka 20:2 - BIBELE

ba mmotsa, ba re: “Re bolelle hore na ke ka matla afe o etsang tsena, kapa na ya o neileng matla ana ke mang?”

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

ba bua le yena, ba re: Ako re bolelle matla ao o etsang ntho tseo ka wona, le hoba ya o fileng matla ao ke mang na?

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Ba bua le yena, ba re: Re bolelle, o etsa ntho tse ka matla afe? kapa ke mang ya o neileng matla ao?

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Ba bua le yena, ba re: Re bolelle, o etsa ntho tse ka matla afe? kapa ke mang ya o neileng matla ao?

Ver Capítulo



Luka 20:2
13 Referencias Cruzadas  

Eo a araba, a re: “Ke mang ya o beileng hore o be mmusi le moahlodi wa rona? O so rata ho mpolaya jwalokaha o bolaile Moegepeta?” Yaba Moshe o a tshoha, o re: “Ruri taba ena e a tsejwa!”


Ka le leng la matsatsi ao, Jesu o ne a ruta batho ka Tempeleng, a ba bolella molaetsa o molemo. Baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao le baholo ba tla ho yena,


A ba araba, a re: “Le nna ke tla le botsa potso, mme le nkarabe:


Jwale Bajuda ba re ho yena: “O re bontsha mohlolo ofe, ha e le moo o etsa tsee?”


“Empa ya neng a etsa wa habo hampe a sutumeletsa Moshe thoko, a re: ‘Ke mang ya o entseng mmusi le moahlodi hodima rona?


“Lona ba manganga, ba pelo di thata, le tsebe tse sa mameleng jwaloka tsa bahedene, kamehla le lona le hlola le hanyetsa Moya o Halalelang, jwaloka bo-ntata lona!