Tsohle tseo o ka di etsang, o di etse ka matla a hao kaofela, hobane lebitleng, moo o yang teng, ha ho sa na mosebetsi, kapa merero, kapa tsebo, kapa bohlale.
Luka 2:16 - BIBELE Ba ya ka potlako, mme ba fumana Maria le Josefa, le lesea le robetseng ka sejelong. Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba ba phakisa ba eya, ba fihlela Maria, le Josefa, le lesea le robaditsweng sejelong. Baasraak Sotho NT Ba tla ka potlako, ba fumana Maria, le Josefa, le lesea le robetse ka sejelong. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ba tla ka potlako, ba fumana Maria, le Josefa, le lesea le robetse ka sejelong. |
Tsohle tseo o ka di etsang, o di etse ka matla a hao kaofela, hobane lebitleng, moo o yang teng, ha ho sa na mosebetsi, kapa merero, kapa tsebo, kapa bohlale.
Jwale matsatsing ao Maria a tloha, a phakisa a ya naheng e maloti, motseng o mong wa Judea.
Hoo e tla ba pontsho ho lona, ke hore le tla fumana lesea le phuthilweng ka masela, le robetse ka sejelong.”
Hoba mangeloi a tlohe ho bona a kgutlele lehodimong, badisa ba buisana, ba re: “A re yeng Betlelehema, re yo bona taba eo e etsahetseng, eo Morena a re tsebisitseng yona.”
mme a beleha mora wa hae wa letsibolo; a mo phutha ka masela, a mo robatsa ka sejelong, hobane ba ne ba hlokile sebaka tlung ya baeti.