Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 2:15 - BIBELE

15 Hoba mangeloi a tlohe ho bona a kgutlele lehodimong, badisa ba buisana, ba re: “A re yeng Betlelehema, re yo bona taba eo e etsahetseng, eo Morena a re tsebisitseng yona.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Eitse hobane mangeloi a ba tlohele ho kgutlela lehodimong, badisa ba buisana, ba re: A re hle re yeng Bethlehema, re tle re bone taba eo e hlahileng teng, eo Morena a re tsebisitseng yona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

15 Yare ha mangeloi a tlohile ho bona a ya lehodimong, badisa ba bolellana, ba re: A re yeng jwale Bethlehema, re tle re bone taba ena e hlahileng, eo Jehova a re tsebisitseng yona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Yare ha mangeloi a tlohile ho bona a ya lehodimong, badisa ba bolellana, ba re: A re yeng jwale Bethlehema, re tle re bone taba ena e hlahileng, eo Jehova a re tsebisitseng yona.

Ver Capítulo Copiar




Luka 2:15
12 Referencias Cruzadas  

Mohla Morena a tla nkela Elia lehodimong ka setsokotsane, Elia o ne a ntse a tsamaya le Elisha, ba etswa Gilegale.


Yare ha ba ntse ba tsamaya, ba buisana, ba bona ho hlaha kariki ya ntwa e tukang malakabe, a hulwang ke dipere tse tukang malakabe, ya fihla ya kena pakeng tsa bona. Elia a nyollelwa lehodimong ka setsokotsane.


Mesebetsi ya Morena e meholo, e fuputswa ke bohle ba e thabelang.


Yaba Moshe o re: “Ke tla kgelohela ho sona, nke ke bone pono ena e kgolo, le hore na keng ha sehlahla sena sa monokotshwai se sa tjhe.”


Mohla kahlolo Mofumahadi wa Borwa o tla ema, a qose moloko ona, a o ahlole, hobane o ile a tloha dipheletsong tsa lefatshe ho tla mamela bohlale ba Solomone, empa mona ho teng ya fetang Solomone.”


“Tlotla e be ho Modimo mahodimong a hodimodimo, kgotso e be lefatsheng ho batho ba mo kgahlang!”


Ba ya ka potlako, mme ba fumana Maria le Josefa, le lesea le robetseng ka sejelong.


Eitse ha a ntse a ba hlohonolofatsa, a tloha ho bona, a nyollelwa lehodimong.


ya nyolohetseng lehodimong, ya leng ka letsohong le letona la Modimo, mme ya busang mangeloi, le bookamedi bohle, le matla wohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos