Mehleng eo ya Akabe, Hiele wa Bethele o ile a tsosa motse wa Jeriko. Ha a rala metheo ya marako a motse, a shwelwa ke Abirame, mora wa hae wa matsibolo; ha a haha menyako a shwelwa ke Segube, mora wa hae wa lethopo, mme ha phethahala polelo ya Morena, eo a neng a e bolele ka molomo wa Joshua, mora wa Nune.
Ha ba le Shitime, Joshua, mora wa Nune, a roma banna ba babedi ba dihlwela, ka lekunutu, a re ho bona: “Eyang, le yo hlahloba naha le motse wa Jeriko.” Banna bao ba babedi ba ya, ba fihla ka tlung ya mosadi wa seotswa, ya bitswang Rahaba, mme ba robaletsa teng.