Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 2:1 - BIBELE

1 Ha ba le Shitime, Joshua, mora wa Nune, a roma banna ba babedi ba dihlwela, ka lekunutu, a re ho bona: “Eyang, le yo hlahloba naha le motse wa Jeriko.” Banna bao ba babedi ba ya, ba fihla ka tlung ya mosadi wa seotswa, ya bitswang Rahaba, mme ba robaletsa teng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Jwale, Joshua, mora Nune, ha a le Shittime, a roma banna ba babedi sephiring, ho ya bohlwela, a re: Eyang le lekole lefatshe le Jeriko. Yaba ba ya, mme ba kena tlung ya mosadi oa sehlola, bitso la hae e le Rahaba, ba robala teng.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 2:1
23 Referencias Cruzadas  

Romelang e mong wa lona, a yo lata moena lona; lona le tla sala tjhankaneng, ho tle ho bonahale bonnete ba mantswe a lona; ho seng jwalo, ke hlapanya ka Faro ya phelang, ruri le dihlwela.”


Josefa a hopola ditoro tseo a kileng a di lora ka bona, mme a re ho bona: “Le dihlwela tse tlilo lekola bofokodi ba naha eo le e etetseng.”


Lona tjhaba sa ka, hopolang morero wa Balake, morero wa Balake, kgosi ya Moabe, le hopole le karabo ya Bileame, mora wa Beore. Hopolang le lona leeto la lona la ho tloha Shitime ho ya Gilegale, le tle le tsebe ketso tse pholosang tsa Morena.”


Morena a bua ho Moshe, a re:


“Romela banna ho ya hlwela naha ya Kanana, eo ke e neang bana ba Iseraele. Morabeng o mong le o mong wa bo-ntata bona o romele monna a le mong; e mong le e mong wa bona e be kgosana.”


Ha Baiseraele ba le Shitime, setjhaba sa qala ho etsa bootswa le baradi ba setjhaba sa Moabe.


Ba ya hloma pela Jorodane, ho tloha Beke-Jeshimote, ho ya fihla Abele-Shitime, diphuleng tsa Moabe.


Salema a tswala Boase ka Rahaba, Boase a tswala Obede ka Ruthe, Obede a tswala Jese,


“Bonang, ke le roma jwaloka dinku hara diphiri; ha ho le jwalo le be masene jwaloka dinoha, mme le hloke mano jwaloka maeba.


Tsebang hore bohle bao e leng dihlola, kapa ba ditshila, kapa ba meharo, hobane meharo ke ho sebeletsa modimo wa bohata, ha ba na ho ja lefa Mmusong wa Kreste le wa Modimo.


Ka tumelo Rahaba wa seotswa ha a a ka a timela hammoho le ba sa dumelang, hobane o ne a ile a amohela dihlwela ka kgotso.


Ho ile ha eba jwalo le ho Rahaba wa seotswa. Na ha a a ka a lokafatswa ka mesebetsi, mohla a amohelang dihlwela tsa Baiseraele, a ba a di kgutlisa ka tsela esele?


Mang le mang ya tla fetohela melao ya hao, ya sa tlo mamela dipolelo tsa hao tsohle, tseo o ka re laelang tsona, o tla bolawa. Empa wena, tsoha molota, o be sebete.”


Ha tsebiswa kgosi ya Jeriko, ha thwe: “Hela, bosiung bona bona ho fihlile banna ba Baiseraele mona, ba tlilo hlahloba naha.”


le Helekate le makgulo a yona, le Rehobe le makgulo a yona. Ya eba metse e mene.


Bo-Joshua, le bana bohle ba Iseraele, ba tsoha ka madungwadungwana, ba qala leeto la ho tloha Shitime, ba ya fihla Jorodane, ba robaletsa moo, ba tsoha ba tshela.


Bana ba Iseraele ba nna ba hlola Gilegale, mme ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi eo, ka phirimana, ba keteka mokete wa Paseka diphuleng tsa Jeriko.


Ba ntlo ya Josefa ba romela dihlwela ho ya hlwela motse wa Bethele. Pele lebitso la motse ona e ne e le Lose.


Jwale banna ba bahlano, ba neng ba ilo hlwela naha ya Laishe, ba re ho bana babo bona: “Na le a tseba hore kahara matlo aa, ho na le setipe le modingwana wa lelapa, le setshwantsho se betlilweng, le setshwantsho se bopilweng? Ka baka leo, imamelleng hore na le tla etsa jwang.”


Banna ba bahlano, ba neng ba ilo hlwela naha, ba nyoloha, ba kena ka tlung, ba nka setshwantsho se betlilweng, le setipe, le modingwana wa lelapa, le setshwantsho se bopilweng. Moprista yena a ema kgorong ya motse le banna ba makgolo a tsheletseng, ba hlometseng.


Bana ba Dane ba roma banna ba bahlano ba lelapa labo bona, e le bahlabani ba tswang metseng ya Sora le Eshetaole, ho ya hlwela naha, le ho e hlahloba. Ba re ho bona: “Tsamayang le yo hlahloba naha.” Bao ba ya fihla naheng e maralla ya Efraime, tlung ya Mmika, mme ba robaletsa teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos