Ho ne ho le teng motho ya shweleng letsoho. Hore ba tle ba qose Jesu, Bafarisi ba mmotsa, ba re: “Na ho a dumelleha ho fodisa batho ka Sabatha?”
Luka 14:3 - BIBELE Jesu a bua, a re ho Ditsebi tsa Molao le Bafarisi: “Na ho a dumellwa hore ho phekolwe ka Sabatha, kapa tjhe?” Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Jesu o bua, a re ho baruti ba molao le ho bafarisi: Na ho ka lokela ho fodisa motho ka Sabatha na? Kapa tjhe? Baasraak Sotho NT Jesu a bua a bua le Bangodi le Bafarisi, a re: Na ho dumelletswe ho fodisa ka Sabatha na? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jesu a bua a bua le Bangodi le Bafarisi, a re: Na ho dumelletswe ho fodisa ka Sabatha na? |
Ho ne ho le teng motho ya shweleng letsoho. Hore ba tle ba qose Jesu, Bafarisi ba mmotsa, ba re: “Na ho a dumelleha ho fodisa batho ka Sabatha?”
Yare ha Bafarisi ba bona hona ba re ho yena: “Bona, barutuwa ba hao ba etsa ho sa dumellwang ka Sabatha.”
Yaba o re ho bona: “Na ho a dumelleha ho etsa botle kapa bobe ka Sabatha, ho pholosa motho kapa ho mmolaya?” Empa ba kgutsa.
Yaba Jesu o re ho bona: “Ke a le botsa hore na ho a dumellwa ho etsa hantle kapa ho etsa hampe, ho pholosa bophelo kapa ho bo timetsa ka Sabatha?”
Ha motho a bolotswa ka Sabatha hore Molao wa Moshe o se ke wa fediswa, keng ha le nkgalefela kahobane ke fodisitse motho kahohlehohle ka Sabatha?