Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 12:2 - BIBELE

2 Yare ha Bafarisi ba bona hona ba re ho yena: “Bona, barutuwa ba hao ba etsa ho sa dumellwang ka Sabatha.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Bafarisi ha ba bona hoo, ba re ho yena: Bona, barutuwa ba hao ba etsa ho sa dumellweng ho etswa ka tsatsi la Sabatha.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

2 Bafarisi, ha ba bona hoo, ba re ho yena: Bona, barutuwa ba hao ba etsa se sa dumellwang ho etswa ka tsatsi la Sabatha.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Bafarisi, ha ba bona hoo, ba re ho yena: Bona, barutuwa ba hao ba etsa se sa dumellwang ho etswa ka tsatsi la Sabatha.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 12:2
19 Referencias Cruzadas  

“O tla etsa mosebetsi wa hao ka matsatsi a tsheletseng, o phomole ka letsatsi la bosupa; e le hore pholo ya hao, le tonki ya hao, di tle di phomole; le mora wa lekgabunyane la hao, le mojaki ba ke ba re kgefu!


‘Le ka sebetsa ka matsatsi a tsheletseng, empa letsatsi la bosupa le tla halalela ho lona; ke Sabatha, letsatsi la phomolo ya Morena; mang kapa mang ya tla sebetsa ka letsatsi leo o tla bolawa.


“Haeba o sa nke maeto ka tsatsi la Sabatha, o sa phethe merero ya hao ka tsatsi la ka le halalelang; haeba o bitsa Sabatha letsatsi la thabo, o re ke la Morena le halalelang, le hlomphehang; haeba o le hlompha ka ho se etse mesebetsi ya hao, o sa phethe merero ya hao, o sa bue mafeela;


Ho ne ho le teng motho ya shweleng letsoho. Hore ba tle ba qose Jesu, Bafarisi ba mmotsa, ba re: “Na ho a dumelleha ho fodisa batho ka Sabatha?”


A re ho bona: “Na ha le a ka la bala seo Davida a neng a se etse, ha a ne a lapile mmoho le bao a neng a ena le bona;


Bafarisi ba re ho yena: “Bona, ke ka baka lang ha ba etsa se sa dumellwang ka letsatsi la Sabatha?”


Jesu a bua, a re ho Ditsebi tsa Molao le Bafarisi: “Na ho a dumellwa hore ho phekolwe ka Sabatha, kapa tjhe?”


Ba kgutla, ba lokisa dinoko tse monko o monate le setlolo, mme ba phomola ka Sabatha ho ya ka Molao.


Ba bang ba Bafarisi ba re: “Le etsetsang ho sa dumellwang ka Sabatha?”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos