Ebe o ya lata meya e meng e supileng, e o fetang ka bokgopo, mme e kene, e ahe teng, hoo ditaba tsa motho eo tsa morao di bang mpe ho feta tsa pele. Ho tla ba jwalo le ho moloko ona o kgopo.”
Luka 13:3 - BIBELE Tjhe, empa ke a le bolella, haeba le sa bake, le tla timela jwalo bohle. Sesotho 1909/1961 (SO) Tjhe, ke a le bolella. Empa ekare ha le sa bake, le tla timela jwalo kaofela. Baasraak Sotho NT Ke a le bolella, Tjhe, empa, ha le sa bake, le lona bohle le tla timela jwalo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ke a le bolella, Tjhe, empa, ha le sa bake, le lona bohle le tla timela jwalo. |
Ebe o ya lata meya e meng e supileng, e o fetang ka bokgopo, mme e kene, e ahe teng, hoo ditaba tsa motho eo tsa morao di bang mpe ho feta tsa pele. Ho tla ba jwalo le ho moloko ona o kgopo.”
Kgosi ya halefa, ya romela dimphi tsa yona, tsa ripitla babolai bao, tsa tjhesa motse wa bona.
A ba araba, a re: “Na le nahana hore Bagalelea bana e ne e le baetsadibe ba fetang Bagalelea ba bang bohle, hobane ba hlokofaditswe jwalo?
Kapa bale ba leshome le metso e robedi, bao tora e ba wetseng hodimo Silowame, ya ba bolaya, ebe le nahana hore ba ne ba le molato ho feta baahi bohle ba Jerusalema?
le hore ka lebitso la hae, ditjhaba tsohle di phatlalletswe pako le tshwarelo ya dibe, ho qala Jerusalema.