Luka 12:9 - BIBELE empa ya ntatolang pela batho o tla latolwa pela mangeloi a Modimo. Sesotho 1909/1961 (SO) empa ya ntatolang pela batho, o tla latolwa pela mangeloi a Modimo. Baasraak Sotho NT Empa ya ntatolang pela batho, o tla latolwa pela mangeloi a Modimo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa ya ntatolang pela batho, o tla latolwa pela mangeloi a Modimo. |
“Mohla Mora Motho a tlang ka tlotla ya hae, a ena le mangeloi wohle, o tla dula teroneng ya hae ya botlotlehi.
“Jwale o tla re ho ba ka ho le letshehadi: ‘Tlohang ho nna, lona ba rohakilweng, le ye mollong o sa feleng, o lokiseditsweng Diabolosi le mangeloi a hae,
Mohlang oo ke tla ba bolella pepenene, ke re: ‘Ha ke a ka ka le tseba; tlohang ho nna, lona ba etsang bokgopo!’ ”
Mang le mang ya tla hlajwa ke dihlong ka baka la ka, le ka lebaka la dipolelo tsa ka, molokong ona wa bakwenehi, wa baetsadibe, le Mora Motho o tla hlajwa ke dihlong ka baka la hae ha a etla ka tlotla ya Ntatae, a ena le mangeloi a halalelang.”
Ke a le bolella hore, ka baka la moetsadibe a le mong ya bakang, thabo e jwalo e teng hara mangeloi a Modimo.”
Mang le mang ya tla hlajwa ke dihlong ka baka la ka le dipolelo tsa ka, Mora Motho o tla hlajwa ke dihlong ka baka la hae, ha a etla a le tlotleng ya hae, le ya Ntatae, le ya mangeloi a halalelang.
Mang le mang ya latolang Mora, o latola le yena Ntate; ya pakang Mora, o paka le yena Ntate.
Jwale he, bana ba ka, phelang ka ho Kreste, e le hore mohla a iponahatsang re tle re be sebete, re se ke ra ba dihlong, ra honyela, ha a se a le teng.
“o re: Ke tseba mesebetsi ya hao. Bona, ke butse monyako kapela hao, oo ho seng ya ka o kwalang. Ke tseba hore o na le matlanyana feela, empa o ile wa boloka lentswe la ka, mme ha o a ka wa latola lebitso la ka.