La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Luka 12:7 - BIBELE

Esita le diqoba tsa moriri wa hlooho tsa lona di badilwe kaofela. Le se ke la tshaba! Le ba bohlokwa ho feta dirobele tse ngata.”

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Esita le qoba tsa moriri wa dihlooho tsa lona di badilwe kaofela. Se tshabeng ke hona; le fetisa dirobele tse ngata.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Empa esita le moriri wa dihlooho tsa lona o badilwe kaofela. Le se ke la tshaba ke hona: le ba bohlokwa ho feta dirobele tse ngata.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Empa esita le moriri wa dihlooho tsa lona o badilwe kaofela. Le se ke la tshaba ke hona: le ba bohlokwa ho feta dirobele tse ngata.

Ver Capítulo



Luka 12:7
10 Referencias Cruzadas  

Yaba mosadi o re: “Ke a o rapela: E se eka kgosi e ka rapela Morena Modimo wa yona, a thibela mophetetsi wa madi a tsholotsweng, hore a se ke a timetsa mora wa ka.” Kgosi ya re: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, leha e le qoba e le nngwe feela ya moriri wa mora wa hao, e ke ke ya wela fatshe!”


ya re rutang ho fetisa phoofolo tsa naha, ya re hlalefisang ho fetisa nonyana tse fofang?’


O mo entse ya katlasana ho mangeloi, wa mo rwesa mofapahlooho, mofapahlooho wa tlotla, wa mo rwesa mofapahlooho, mofapahlooho wa hlompho.


Ha ho le jwalo, motho o feta nku hakaakang ka bohlokwa! Ka baka leo, ho a dumelleha ho etsa ho molemo ka Sabatha.”


Tadimang dinonyana tse fofang: ha di jale, ha di kotule, ha di bokellele disiung, empa Ntata lona ya mahodimong o a di fepa; ana lona ha le di fete hole ka bohlokwa na?


Empa ha ho ka ke ha lahleha leha e le qoba e le nngwe ya moriri hloohong tsa lona.


kahona ke le kgothaletsa hore le je, le tsebe ho phela, hobane ha ho le ya mong wa lona ya tla lahlehelwa le ke qoba ya moriri wa hae.”


Yaba setjhaba se re ho Saule: “Na Jonathane o tla bolawa, yena ya pholositseng setjhaba sa Iseraele hakaalekaale? Le ho ka! Re ikana ka Modimo ya phelang: Leha e le qoba e le nngwe feela ya moriri wa hae e ke ke ya wela fatshe! Seo a se entseng kajeno, o se entse ka thuso ya Modimo.” Setjhaba sa lopolla Jonathane, a se ke a bolawa.