Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Samuele 14:11 - BIBELE

11 Yaba mosadi o re: “Ke a o rapela: E se eka kgosi e ka rapela Morena Modimo wa yona, a thibela mophetetsi wa madi a tsholotsweng, hore a se ke a timetsa mora wa ka.” Kgosi ya re: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, leha e le qoba e le nngwe feela ya moriri wa mora wa hao, e ke ke ya wela fatshe!”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Mosadi a re: Morena a ke a hopole Jehova, Modimo wa hae, hore mophetetsi wa madi a se ke a eketsa ho senya, ka ho timetsa mora ka! Davida a re: Ka Jehova ya utlwang, ha ho ka ke ha wela fatshe qoba le e nngwe ya moriri wa mora hao.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 14:11
18 Referencias Cruzadas  

Empa Aborame a arabela kgosi ya Sodoma, a re: “Ke phahamisa letsoho, ke hlapanyetsa Morena, Modimo ya hodimodimo, Mmopi wa lehodimo le wa lefatshe;


Haeba o ka hlorisa baradi ba ka, kapa haeba o ka inkela basadi ba bang kantle ho baradi ba ka, le hoja ho se na motho ya nang le rona, bona, Modimo ke paki pakeng tsa rona le wena.”


Kgosi ya re: “Mang kapa mang ya ka o buisang letho, o mo tlise ho nna, mme a ke ke a hlola a o ama.”


Jwale mosadi a re: “Ke a o rapela: Dumella lekgabunyane la hao le ke le bue lentswenyana ho monga ka, kgosi.” Kgosi ya re: “Bua!”


Yaba kgosi e re ho Joabe: “Ho lokile; tsamaya o yo lata mohlankana, Abosalome.”


Solomone a re: “Haeba a ka tshepahala, ha ho qoba ya moriri wa hae e tla wela fatshe, empa haeba a ka fumanwa a le kgopo, o tla bolawa.”


ha o ka hlapanya ka nna Morena ya phelang, wa hlapanya ka nnete le ka botshepehi, le ka ho loka, ditjhaba tsohle ke tla di hlohonolofatsa, ditjhaba tsohle di tla ntlotlisa.”


Mophetetsi wa madi a tsholotsweng o tla bolaya mmolai eo ka boyena. Ha a kopana le yena a mmolaye.


kapa haeba a ka mo otla ka setebele ka baka la bora, mme eba eo o a shwa, eo ya mmolaileng ruri o tla bolawa, hobane ke mmolai. Mophetetsi wa madi a tsholotsweng o tla bolaya mmolai eo ha a kopana le yena.


eba mophetetsi wa madi a tsholotsweng o mo fumana kantle ho moedi wa motse oo a tshabetseng ho wona, mme mophetetsi eo wa madi a tsholotsweng o a mmolaya, ha a na ho ba le molato wa ho tsholla madi,


Ha e le lona, esita le diqoba tsa moriri wa dihlooho tsa lona di badilwe kaofela.


kahona ke le kgothaletsa hore le je, le tsebe ho phela, hobane ha ho le ya mong wa lona ya tla lahlehelwa le ke qoba ya moriri wa hae.”


Yaba setjhaba se re ho Saule: “Na Jonathane o tla bolawa, yena ya pholositseng setjhaba sa Iseraele hakaalekaale? Le ho ka! Re ikana ka Modimo ya phelang: Leha e le qoba e le nngwe feela ya moriri wa hae e ke ke ya wela fatshe! Seo a se entseng kajeno, o se entse ka thuso ya Modimo.” Setjhaba sa lopolla Jonathane, a se ke a bolawa.


Jwale Jonathane a re ho Davida: “Tsamaya ka kgotso, hobane rona ba babedi re ikanne ka lebitso la Morena, ra re: ‘Morena o tla ba le rona ba babedi, a be a be le ditloholo tsa rona kamehla yohle!’ ”


Empa Saule a hlapanyetsa mosadi eo ka Morena, a re: “Ka Morena ya phelang, taba ena e ke ke ya o tlisetsa kotlo.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos