Morena, o utlwile takatso tsa ba eisehang, o ba matlafatsa dipelo, o ba sekehela tsebe,
Luka 11:1 - BIBELE Yare hoba Jesu a qete ho rapela a le sebakeng se seng, morutuwa e mong wa hae a re ho yena: “Morena, re rute ho rapela, jwalokaha Johanne a rutile barutuwa ba hae.” Sesotho 1909/1961 (SO) Mohlomong, ha Jesu a le bakeng se seng, a rapela; eitse hobane a qete thapelo ya hae, e mong wa barutuwa ba hae, a re ho yena: Morena, re rute ho rapela, jwalokaha Johanne le yena a rutile barutuwa ba hae. Baasraak Sotho NT Eitse ha a ntse a rapela sebakeng se seng, ha a qetile, e mong wa barutuwa ba hae a re ho yena: Morena, re rute ho rapela, jwalokaha Johanne le yena a rutile barutuwa ba hae. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eitse ha a ntse a rapela sebakeng se seng, ha a qetile, e mong wa barutuwa ba hae a re ho yena: Morena, re rute ho rapela, jwalokaha Johanne le yena a rutile barutuwa ba hae. |
Morena, o utlwile takatso tsa ba eisehang, o ba matlafatsa dipelo, o ba sekehela tsebe,
Phemisa mohlanka wa hao, o mo phemise boikgantsho, o se ke wa dumella hore bo mpuse. Kahoo ke tla hloka kodi, ke hloke molato wa sebe se seholo.
empa ho hlokeha ntho e le nngwe: Maria o ikgethetse se molemo, seo a ke keng a se amohuwa.”
A re ho bona: “Ha le rapela, le re: “Ntate, Lebitso la hao le halaletswe; Mmuso wa hao o tle;
Matsatsing ao ha etsahala hore Jesu a tswele thabeng ho ya rapela, mme a sesa bosiu a ntse a rapela Modimo.
Eitse ha Jesu a ntse a rapela boinotshing, barutuwa ba ena le yena, a ba botsa, a re: “Matshwele a re ke mang?”
Kamora dipolelo tsena, ha ho fetile matsatsi a ka bang robedi, Jesu a nka Petrose, le Johanne, le Jakobo, a nyolohela thabeng ho ya rapela.
Kreste, ha a ntse a phela lefatsheng, o ile a hlahisa dithapelo le dikopo ka mehoo le ka meokgo ho Modimo, ya neng a ka mo pholosa lefung, mme kaha a ne a ikokobeditse, Modimo o ile a mo mamela.
Ha e le lona, baratuwa, ikaheng hodima motheo wa tumelo ya lona, e halalelang haholo, le ntse le rapela ka thuso ya Moya o Halalelang.