Luka 10:8 - BIBELE “Motseng ofe le ofe oo le kenang ho wona, mme ba le amohela, le je tse bewang kapela lona, Sesotho 1909/1961 (SO) Leha e le motseng ofe le ofe, oo le kenang ho wona, mme ba le amohela, le je se bewang pela lona. Baasraak Sotho NT Motseng ofe le ofe oo le kenang ho wona, mme ba le amohela, le je seo le se beang. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Motseng ofe le ofe oo le kenang ho wona, mme ba le amohela, le je seo le se beang. |
Empa motseng ofe le ofe oo le kenang ho wona, mme ba sa le amohele, le tswele ditseleng tsa wona, le re:
a re ho bona: “Mang le mang ya amohelang ngwana enwa lebitsong la ka, o a nkamohela, mme ya nkamohelang o amohela ya nthomileng, hobane ya leng monyenyane hara lona bohle, ke yena e moholo.”
Kannetenete, ke a le bolella, ya amohelang eo nka mo romang, o a nkamohela, mme ya nkamohelang, o amohela ya nthomileng.”
Ha e mong wa bao e seng badumedi a le memela dijong, mme le rata ho ya, le je tsohle tseo a le fang tsona, ka matswalo a kgutsitseng, le sa botse letho.
Ka mokgwa o jwalo, Morena le yena o laetse hore ba phatlalatsang molaetsa o molemo, ba iphedise ka hona.