Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Bakorinthe 9:14 - BIBELE

14 Ka mokgwa o jwalo, Morena le yena o laetse hore ba phatlalatsang molaetsa o molemo, ba iphedise ka hona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ke ka mokgwa oo Morena a laetseng hore ba bolelang Evangeli ba phele ka Evangeli.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

14 Ka mokgwa o jwalo Morena o laetse hore ba bolelang Evangeli ba phele ka Evangeli.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Ka mokgwa o jwalo Morena o laetse hore ba bolelang Evangeli ba phele ka Evangeli.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 9:14
13 Referencias Cruzadas  

Maetong a lona le se ke la nka thoto, leha e le seaparo sa bobedi, kapa meqathatso, kapa lere. Ya sebetsang o lokelwa ke dijo tsa hae.


Le dule tlung yona eo, le eja, le enwa le bona seo ba le fang sona, hobane ya sebetsang o lokelwa ke moputso wa hae. Le se ke la ya le matlo.


“Motseng ofe le ofe oo le kenang ho wona, mme ba le amohela, le je tse bewang kapela lona,


mme kaha e ne e le batho ba mosebetsi o le mong, a hlola le bona, mme ba sebetsa mmoho. Mosebetsi wa bona e ne e le wa ho etsa ditente.


Leha le ka ba le bahlokomedi ba diketekete ba le rutileng tsa Kreste, empa le na le ntate a le mong. Ho Kreste Jesu, ke nna ya le tswetseng ka molaetsa o molemo.


Ha e le mona re le jaletse tsa moya, na e ka ba mohlolo ho kotula tsa lona tsa lefatshe?


Haeba ba bang ba ena le tokelo eo ho lona, na tokelo ya rona e ke ke ya eba kgolo ho feta ya bona? Leha ho le jwalo, ha re a ka ra sebedisa tokelo eo, empa re iphapanyeditse tsohle, e le hore re se ke ra kgina molaetsa o molemo wa Kreste.


Ha ke na tokelo ya ho ithorisa hobane feela ke bolela molaetsa o molemo; etswe ke tlameha ho etsa jwalo. Nka ba madimabe haeba ke sa phatlalatse molaetsa o molemo.


Na ha re na tokelo ya ho ja le ho nwa?


Yare ha ke fihla Terowase, moo ke neng ke ilo bolela molaetsa o molemo wa Kreste teng, ka fumana Morena a se a mpuletse tsela.


Ya rutwang lentswe la Modimo eka kgona a arolelane maruo a hae wohle le ya mo rutang.


hobane molaetsa o molemo wa rona ha o a ka wa tla ho lona ka dipolelo feela, empa o tlile le ka matla le ka Moya o Halalelang, le ka ho kgodiseha haholo. Ke seo re bileng sona hara lona ho le thusa, jwalokaha le tseba.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos