Lona le ba malapa a lona le ka se jella dibakeng tsohle, hobane ke moputso wa lona wa tshebeletso ya lona ka Tenteng ya Morena.
Luka 10:7 - BIBELE Le dule tlung yona eo, le eja, le enwa le bona seo ba le fang sona, hobane ya sebetsang o lokelwa ke moputso wa hae. Le se ke la ya le matlo. Sesotho 1909/1961 (SO) Le dule tlung eo, le ntse le eja, le enwa se ntshwang ke bona; hobane ya sebetsang o lokelwa ke moputso wa hae. Le se ke la ya tlung e nngwe le e nngwe. Baasraak Sotho NT Le dule ka tlung yona eo, le ntse le ja, le ntse le nwa dintho tseo ba fanang ka tsona; hobane ya sebetsang o lokelwa ke moputso wa hae. Le se ke la ya ka ntlo le ntlo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Le dule ka tlung yona eo, le ntse le ja, le ntse le nwa dintho tseo ba fanang ka tsona; hobane ya sebetsang o lokelwa ke moputso wa hae. Le se ke la ya ka ntlo le ntlo. |
Lona le ba malapa a lona le ka se jella dibakeng tsohle, hobane ke moputso wa lona wa tshebeletso ya lona ka Tenteng ya Morena.
Haeba ngwana kgotso a le teng moo, kgotso ya lona e tla ba le yena, empa ho seng jwalo, e tla kgutlela ho lona.
Ha a se a kolobeditswe le ba lelapa la hae, a re rapela, a re: “Haeba le kgotsofetse hore ke dumetse ho Morena, kenang ka tlung ya ka, le hlole teng.” A re qophella.
A ba isa tlung ha hae, a ba fepa, a nyakalla le ba lelapa la hae bohle, kahobane ba dumetse ho Modimo.
Ha ba etswa tjhankaneng ba kena ha Lidia, ba bona badumedi, ba ba kgothatsa, ba nto tsamaya.
Le tla thaba kapele ho Morena Modimo wa lona; lona, le bara ba lona, le baradi ba lona, le bahlanka ba lona, le makgabunyane a lona, le Molevi ya kahara metse ya lona, hobane ha a na seabo kapa lefa jwaloka lona.”
O tla ja seabo se tshwanang le sa baprista ba bang, kahodimo ho hoo a ho fumanang ka ho rekisa dintho tsa hae.”
Hape ba ka itlwaetsa ho se sebetse letho le ho tjhalaka le malapa; e seng feela ho se sebetse letho, empa ho shwahla le ho itshunyaka hohle ditabeng tsa ba bang, le ho bua tse sa lokelang.