le mpe le hlomphe Morena Modimo wa lona, mme o tla le namolela matsohong a dira tsa lona tsohle.”
Luka 1:74 - BIBELE ho mo sebeletsa re se na tshabo, re namoletswe matsohong a dira tsa rona, Sesotho 1909/1961 (SO) ya hore, ha re lwetswe matsohong a bao e leng dira ho rona, re mo sebeletse, re sa tshabe letho, Baasraak Sotho NT Hore o re nee, hore re pholoswe matsohong a dira tsa rona, re o sebeletse re sa tshabe letho; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hore o re nee, hore re pholoswe matsohong a dira tsa rona, re o sebeletse re sa tshabe letho; |
le mpe le hlomphe Morena Modimo wa lona, mme o tla le namolela matsohong a dira tsa lona tsohle.”
Empa Iseraele o tla pholoswa ke Morena, a mo pholose ka pholoho ya mehla yohle, le ka mohla a ke ke a hlajwa ke dihlong, kapa a tlontloloha kamehla yohle.
“Morena wa mabotho o bua tjena: Ha ho itingwa dijo ka kgwedi ya bone, le ka kgwedi ya bohlano, le ka ya bosupa, le ka ya leshome, e tla ba matsatsi a thabo le a nyakallo, e be mekete e monate ho ba ntlo ya Juda. Kahoo ratang nnete le kgotso.”
Empa kajeno le lokolotswe sebeng, le entswe makgoba a Modimo, le kotula tse le halaletsang, mme qetello ya tsona ke bophelo bo sa feleng.
Moya oo le o amohetseng hase moya wa bokgoba o boelang o le tshabisa, empa ke moya o le etsang bana ba Modimo, oo re howang ka wona, re re: “Abba!” ke ho re: “Ntate!”
Modimo ha a a ka a re nea moya wa bokwala, empa o re neile moya wa matla, wa lerato le wa boitshwaro.
Ka ho etsa jwalo o lokolotse batho ba neng ba le bokgobeng ba ho tshaba lefu bophelong bohle ba bona.
na madi a Kreste ya inyehetseng ho Modimo ka moya wa hae o sa feleng, a se na sekodi, ekaba wona a hlwekisa hakaakang dipelo tsa rona mesebetsing e isang timelong, e le hore re tle re sebeletse Modimo ya phelang?
O se tshabe letho la tse tlang ho o hlokofatsa. Bona, Diabolosi o tla akgela ba bang ba lona tjhankaneng, e le hore le tle le lekwe, mme le hloriswe ka matsatsi a leshome. O tshepahale ho isa lefung; ke tla o nea mofapahlooho wa bophelo.