Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 1:75 - BIBELE

75 re halalela, mme re lokile pela hae ka matsatsi wohle a ho phela ha rona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

75 kgalalelong le ho lokeng, pontsheng ho yena, ka matsatsi wohle a ho phela ha rona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

75 ka khalalelo le ho loka ka pel’a hae ka matsatsi ’ohle a ho phela ha rōna.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

75 ka khalalelo le ho loka ka pel’a hae ka matsatsi ’ohle a ho phela ha rōna.

Ver Capítulo Copiar




Luka 1:75
19 Referencias Cruzadas  

Setjhaba seo ke ipopetseng sona, se tla ntumisa ka dithoko.”


“Morena wa mabotho o bua tjena: Ha ho itingwa dijo ka kgwedi ya bone, le ka kgwedi ya bohlano, le ka ya bosupa, le ka ya leshome, e tla ba matsatsi a thabo le a nyakallo, e be mekete e monate ho ba ntlo ya Juda. Kahoo ratang nnete le kgotso.”


o tla tswala mora, mme o tla mo rea lebitso la Jesu, hobane o tla pholosa setjhaba sa hae dibeng tsa sona.”


ho mo sebeletsa re se na tshabo, re namoletswe matsohong a dira tsa rona,


Modimo o ikgethetse rona ka Kreste lefatshe le eso thewe, hore re halalele, re hloke sekodi pela hae, re be le lerato.


Re dibopuwa tsa Modimo, ka Kreste Jesu o re bopetse ho etsa mesebetsi e metle, eo a neng a e lokise e sa le pele hore re tle re e etse.


mme le apare botho bo botjha, bo bopilweng ka ho tshwana le Modimo ka ho loka le ka kgalalelo ya nnete.


Ha o tshaba Morena Modimo wa hao, mme ka matsatsi wohle a bophelo ba hao, o boloka melao yohle ya hae, le ditaelo tsa hae, tseo ke o laelang tsona, wena, le mora wa hao, le setloholo sa hao, le tla phela halelele.


Jwale he, bana beso, le utlwile ka rona mokgwa oo le tshwanetseng ho phela le ho kgahlisa Modimo ka wona. Ka Morena Jesu, re a le kopa, mme re a le rapela hore le phele jwalo, le nne le atlehe le ho feta.


Modimo ha a a ka a re bitsetsa mekgweng e ditshila, empa o re bitseditse kgalalelong.


Ha e le rona, re tshwanetse ho leboha Modimo kamehla ka baka la lona, bana babo rona ba ratwang ke Morena. Modimo o le kgethile le le ba pele ba tla pholoswa ka matla a Moya o le halaletsang, le ka tumelo ya lona nneteng.


ya re pholositseng, mme ya re bitseditseng hore re halalele, e seng ka baka la mesebetsi ya rona, empa e le ka baka la morero wa hae le mohau wa hae. O re file mohau ona ka Kreste Jesu, mehla e eso be teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos