Modimo hase motho hoo a ka buang leshano, hase mora wa motho hoo a ka inyatsang. Na seo a se bolelang a ke ke a se etsa? Na seo a se buileng a ke ke a se phetha?
Luka 1:57 - BIBELE Jwale nako ya Elisabetha ya ho beleha ya fihla, mme a tswala mora. Sesotho 1909/1961 (SO) Elisabetha a hlahelwa ke nako ya hae ya ho beleha, mme a tswala mora. Baasraak Sotho NT Jwale, nako ya hore Elisabetha a belehe ya fihla; mme a tswala mora. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jwale, nako ya hore Elisabetha a belehe ya fihla; mme a tswala mora. |
Modimo hase motho hoo a ka buang leshano, hase mora wa motho hoo a ka inyatsang. Na seo a se bolelang a ke ke a se etsa? Na seo a se buileng a ke ke a se phetha?
Empa lengeloi la re ho yena: “Se tshabe, Sakariya, hobane thapelo ya hao e utlwilwe, mohatsa hao Elisabetha o tla o tswalla mora, mme o tla mo rea lebitso la Johanne.
Mehleng ya Heroda, kgosi ya Judea, ho ne ho ena le moprista e mong ya bitswang Sakariya, wa sehlopha sa Abiya, mohatsa hae e le e mong wa baradi ba Arone, lebitso la hae e le Elisabetha.
Ba ahisaneng le yena le bang ka yena ba utlwa hore Morena o mo ekeleditse mohau, mme ba thaba le yena.