Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 1:13 - BIBELE

13 Empa lengeloi la re ho yena: “Se tshabe, Sakariya, hobane thapelo ya hao e utlwilwe, mohatsa hao Elisabetha o tla o tswalla mora, mme o tla mo rea lebitso la Johanne.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Empa lengeloi la re o yena: Se tshabe, Sakaria, hobane thapelo ya hao e utlwilwe, mme mosadi wa hao Elisabetha o tla o tswalla mora, mme o tla mo rea lebitso la Johanne.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

13 Empa lengeloi la re ho yena: Se tshabe, Sakaria, hobane thapelo ya hao e utloilwe; mme mosadi wa hao Elisabetha o tla o tswalla mora, mme o tla mo rea lebitso la Johanne.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Empa lengeloi la re ho yena: Se tshabe, Sakaria, hobane thapelo ya hao e utloilwe; mme mosadi wa hao Elisabetha o tla o tswalla mora, mme o tla mo rea lebitso la Johanne.

Ver Capítulo Copiar




Luka 1:13
27 Referencias Cruzadas  

Ke sena selekane se pakeng tsa rona le wena le ditloholo tsa hao, seo le tla se boloka; bohle ba batona ba lona ba tla bolotswa.


Modimo a re: “Ruri, Sara mosadi wa hao, o tla o tswalla mora, mme o tla mo rea lebitso la Isaka. Ke tla etsa selekane sa rona le yena e le selekane sa mehla yohle, sa hae le sa ditloholo tsa hae.


Na ho na le se ka sitang Morena? Isao, ka yona nako ena, ke tla boela ke o etela, mme Sara o tla be a se a ena le mora.”


Isaka a rapella mosadi wa hae ho Morena, hobane e ne e le nyopa, mme Morena a utlwa thapelo ya hae, Rebeka mosadi wa hae ya eba moimana.


O fa nyopa lelapa, a e etse mma bana ya thabileng. Haleluja!


Ke a o boka hobane o ile wa nkaraba, o bile mopholosi wa ka.


Ka kena dikobong tsa mosadi wa ka, a emola, a tswala mora. Yaba Morena o re ho nna: “Mo ree lebitso la ‘Potlakela kgapo! Potlakela lelobelo’!


Yaba o re ho nna: “Se tshabe, Daniele, hobane ho tloha ka letsatsi la pele leo ka lona o neng o qale ho batla kutlwisiso le ho ikokobeletsa Modimo wa hao, thapelo ya hao e ne e utlwahale, mme jwale ke tlile ho arabela thapelo eo ya hao.


Jwale Morena a re ho Hosea: “Mo ree lebitso la Jesereele, hoba haufinyane ntlo ya Jehu ke tla e otla, ke e otle, ke phetetse madi a Jesereele, bokgosi ba Baiseraele ke bo fedise.


Gomere a boela a emola, mme a beleha ngwana wa ngwanana. Morena a re ho Hosea: “Yena o mo ree lebitso la Mohanuwa, hoba ke tla hana ho hauhela Baiseraele, le ho ba tshwarela nke ke ka ba tshwarela.


o tla tswala mora, mme o tla mo rea lebitso la Jesu, hobane o tla pholosa setjhaba sa hae dibeng tsa sona.”


Yaba Jesu o phakisa a bua le bona, a re: “Kgobang matshwafo! Ke nna, se tshabeng!”


Lengeloi la re ho basadi: “Lona le se ke la tshoha; ke a tseba hore le batla Jesu ya thakgisitsweng.


Empa yena a re ho bona: “Se makaleng! Le batla Jesu wa Nasaretha ya thakgisitsweng: O tsohile, ha a yo mona. Bonang sebaka seo a neng a beilwe ho sona ke sena.


E tla ba thabo le nyakallo ho wena, mme ba bangata ba tla thabela tswalo ya hae,


Lengeloi la re ho yena: “Se tshabe, Maria, hobane o fumane mohau ho Modimo.


Ha matsatsi a robedi a hore ngwana a bolotswe a fetile, a rewa lebitso la Jesu, leo a neng a le rewe ke lengeloi a eso emolwe.


Eaba o re: ‘Kornele, thapelo ya hao e utlwilwe, mme dithuso tsa hao ho mafutsana di hopotswe ke Modimo.


Morena a re ho yena: “Kgotso e be le wena. O se ke wa tshaba, o ke ke wa shwa.”


Ruri Morena a hopola Anna, a emola, a beleha bara ba bararo le baradi ba babedi. Moshanyana Samuele yena a holela kapele ho Morena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos